Selelekela

Leha o ka boloka lelapa la hao le hlwekile o bile o sebedisitse sanithaeza, ho ya mabenkeleng kapa bathong ho eketsa menyetla ya tshwaetso.

Dibaka tse thetswang haholo jwalo ka dikhaontara tsa mabenkele le pompo ya peterole di ka ba le kokwana-hloko ha e le hore motho ya kulang o di amme pele ho wena. Mme ha o ntse o hopola ho boloka sebaka ho ba bang, o ka iphumana ka tsela nngwe o le haufi le motho ya kulang ha o santse o eme moleng wa ho reka dintho tse hlokahalang

Ho apara sesireletse sa sefahleho le diatlana tse lahlwang, ho ya thusa ha o ya kantle hore o itshirelletse ho tshwaetswa ke ba bang nakong ya ho qhoma ha lefu.

Bukana ena e fana ka tsebo ya ho sebedisa sesireletse sa sefahleho le diatlana tse lahlwang ka ho nepahala. 

Sesireletsi sa Sefahleho

Disireletsi tsa sefahleho di ka fokotsa phetiso ya dikokwana-hloko ha motho ya kulang a bua, a kgohlola kapa a thimola. Ka ho apara disireletsi tsa sefahleho, batho ba kulang ba ka thibela ho fetisetsa lefu lena ho ba bang.

Apara sesireletsi sa sefahleho ha o kudiswa ke lefu le tshwaetsang kapa o belaela hore o na le tshwaetso.

Ho bohlokwa ho tseba hore o ka nna wa tshwaetsa batho ba bang o sa lemohe. Mohlala, motho a ka ba le kokwana-hloko mmeleng wa hae empa a sena matshwao a ho kula. Empa motho e mong le e mong ya amanang le yena a ka tshwaetswa.

Ka hoo o tshwanela ho apara sesireletsi sa sefahleho ha o le pela batho ba tsofetseng, ba nang le mathata a bophelo, ho fokotsa ho jala dikokwana-hloko

Apara sesireletsi sa sefahleho ha o tseba hore o ka nna wa kopana le batho ba tshwaeditsweng.

Sesireletsi sa sefahleho se ka sebedisetswa sepheo se seng—se ka thusa ka ho thibela hore o se ame molomo kapa nko.

Ho etsa mohlala, ha o thetsa sebaka se anngweng pele ke motho ya tshwaeditsweng, dikokwana-hloko di tla kena matsohong a hao, mme o ka thetsa nko kapa molomo ka letsoho kahoo dikokwana-hloko di ka kena mmeleng wa hao mme tsa o tshwaetsa. Ona ke ona mokgwa oo dikokwana-hloko di ka fetiswang ka ona.

Kahoo sesireletsi sa sefahleho se ka thusa ho thibela tshwaetso hobane o ke ke wa thetsa molomo kapa nko ha o se apere.

Tsela eo o ka Aparang Sesireletsi sa Sefahleho ka Yona

  1. Pele o apara sesireletsi sa sefahleho, hlapa matsoho a hao ka sesepa le metsi. Ha tseo di le siyo, sebedisa sanithaeza.
  2. Lekola sesireletsi sa sefahleho sa hao hore ebe ha sena moo se tabohileng kapa masoba a ka etsang hore e se bolokehe.
  3. Lekola lehlakore la sesireletsi sa sefahleho leo e leng la ka pele. Lehlakore le nang le mmala ke le sa shebeng ka ho wena.
  4. Lekodisisa hore ke karolo efe ya sesireletsi sa sefahleho e bang ka hodimo. Ha sesireletsi sa sefahleho sena le sekotwana sa nko (ho leng thata, moo ho kobehang), sena se se etseditswe ho nka sebopeho sa nko ya hao mme se tla ka hodimo.
  5. Ha sesireletsi sa sefahleho sa hao se na le maratswana a sarolohang a lekanang hlooho ya hao, tshwarella sesireletsi sa sefahleho sefahlehong sa hao ha o hula leratswana le sarollohang ho tshwara hantle.
  6. Ha sesireletsa sefahleho sa hao sena le dikgwele, tshwara sesireletsa sa sefahleho ka dikgwele mme o hule dikgwele ka mora ditsebe.
  7. Ha dikgwele tsa sesireletsi sa sefahleho sa hao di lokiseha, di tlame ho ya ka moo o ka bolokang sesireletsi sa sefahleho se le tulong e hlokahalang.
  8. Ha dikgwele tsa sesireletsi sa sefahleho di sa lokisehe o ka di kgutsufatsa ha ho hlokahala, ho thusa ho boloka sesireletsi sa sefahleho tulong ya sona. Sotha ha bonolo kgwele ka nngwe ho etsa lupu kamora tsebe ka nngwe.
  9. Lokisa sekotwana sa nko. Sebedisa dintlha tsa menwana ya matsoho ka bobedi ho bopa kotwana ya nko ho tloha borokgong ba nko ya hao.
  10. Hlokomela: ha o le ya rwalang digalase, kotwana ya nko e lokisehang e tla thusa ho thibela digalase tsa hao ho beng le mohodi.

    Ha o ka beha digalase tsa hao hodima sesireletse sa sefahleho ho ka etsa ho thibellwe moya le ho etsa hore dilense di be le mohodi.

  11. Hula bokatlase ba sesireletsi sa sefahleho ka moo o ka kgonang ho kwahela molomo le seledu.
  12. Etsa bonnete ba hore ba hore e kwahela sefahleho ho tloha borokgong ba nko ya hao ho fihlela ka tlasa seledu sa hao.

    Ha e ya nepahala
  13. O se rwale sesireletsi sa sefahleho ka tlasa seledu.
  14. Ha e ya nepahala
  15. O se rwale sesireletsi sa sefahleho se siyang seledu kantle.
  16. Ha e ya nepahala
  17. O se rwale sesireletsi sa sefahleho ntlheng ya nko ya hao.
  18. Ha e ya nepahala
  19. O se rwale sesireletsi sa sefahleho ka tlase ho nko ya hao. Sena se hlola lebaka.
  20. Ha e ya nepahala
  21. Ha o tlohella nko ya hao le molomo di sa sireletseha, dikokwana-hloko di na le tsela e bobebe ya ho kena. Mme ka hoo o tla iphumana o sa hlahele kotsing feela ya ho jala kokwana-hloko ho ba bang mme o ba tshwaetsa, o tla silafatsa le bo ka pele ba sesireletsi sa sefahleho sa hao.
  22. E nepahetse
  23. Ha o rwala sesireletsi sa sefahleho sa hao, etsa ka hohle hore nko ya hao, molomo wa hao le seledu sa hao di kwahetswe.
  24. Hang ka letsatsi kapa ha sesireletse sa sefahleho sa hao se ba mongobo kapa se silafala se ntshe. Ha o sa kgotsofale ka sesireletsi sa sefahleho sa hao, se ntshe hang hang, o se lahle mme o fumane se seng se setjha.

Tsela ya ho Tlosa Sesireletsi sa Sefahleho

K a ho tlosa sesireletsi sa sefahleho ka tsela e nepahetseng, o fokotsa tsela ya ho jala baktheria kapa kokwana‑hloko ho letlalo le tsotseng kapa korolo. Ho tlosa sesireletsi sa sefahleho etsa tsena tse latelang.

  1. Pele o apara sesireletsi sa sefahleho, hlapa matsoho a hao ka sesepa le metsi. Ha tseo di le siyo, sebedisa sanithaeza.
  2. Tlohela ho nna o ama tulo eo ya sesireletsa sefahleho e kwahelang sefahleho. Ama feela mabanta kapa dikgwele tse tshwarang sesireletsa sefahleho.
  3. Ha sesireletsa sefahleho sa hao sena le mabanta a rekere a lekanang hloho ya hao, phamisa lebanta le ka tlase ho isa hlohong pele, mme o hule lebanta le ka tlase ho isa hlohong.
  4. Ha sesireletsa sefahleho sa hao sena le dikgwele, tshwara dikgwele ka bobedi mme otlose sesireletsa sefahleho.
  5. Lahla sesireletsi sa sefahleho ha o se sebedisitse hanngwe. O se se sebedise hape.
  6. Hlatswa matsoho a hao ka botlalo.
Diatlana Tse Lahlwang

Ho kenya diatlana tse lahlwang ho thusa ho thibela ho fetisetsa baktheria le kokwana-hloko bathong.

Tsela e nepahetseng ya ho kenya hore o bolokehe.

Tsela ya ho Kenya Diatlana Tse Lahlwang

Kgetha diatlana tse lekanang hantle. Diatlana tse sa lekaneng hantle di hlahisa ya ho lemala le tshilafatso. Ha diatlana di le kgolo, ho lokoloha ha tsona ho sitisa ho sebedisa matsoho le ho tshwara hantle.

Tsela ya ho kenya diatlana:

  1. Tlosa diwatjhe, direng, le mabenyabenya a mang matsohong a hao. Sena se etsetswa ho thibela ho taboha bonolo ha diatlana.
  2. Hlatswa matsoho a hao ka metsi le sesepa. Ha tseo di le siyo, sebedisa sanithaeza.
  3. Ntsha diatlana ka monwana o motona le wa bosupa mme o tshware bokantle le bokahare ba karolo eo letsoho le kenang ho yona. Hlokomela hore o se thetse bokantle ba seatlana. Kenya letsoho la hao ka hara seatlana ka hloko.
  4. O se leke ho hula seatlana hore se dule hantle letsohong pele o kenya seatlana se seng.

  5. Ntsha seatlana se seng ka monwana o motona le wa bosupa mme o tshware bokantle le bokahare ba korolo eo letsoho le kenang ho yona mme o kenye seatlana jwaloka ha o entse ka letsoho le leng.
  6. Shebisisa hore ebe ha ho na moo ho tabohileng kapa masoba diatlaneng. Ebang o bona moo ho tabohileng kapa lesoba, ntsha diatlana, o hlape matshoho mme o kenye tse ding.
  7. Hulela diatlana hodimo ho kwahela letlalo la hao mme o etse bonnete ba hore o di kentse hantle.
  8. Ha o ka wa thetsa sefahleho, ebang seatlana se taboha kapa ebang o belaela hore diatlana ha di a hlweka kapa di amme sebaka se ka bang le dikokwana-hloko:
  9. a. Ntsha diatlana matsohong ha hang mme o di lahle.
  10. b. Hlapa matsoho a hao ka nepo.
  11. c. Kenya diatlana tse ding.

Tsela ya ho Tlosa Diatlana Tse Lahlwang

Ka ho tlosa diatlana tse lahlwang ka tsela e nepahetseng, o fokotsa tsela ya ho fetisetsa baktheria kapa kokwana-hloko letlalong la hao le tsotseng kapa korolo e pela hao. Ho tlosa diatlana tse lahlwang, etsa tsena tse latelang.

  1. Tlosa diatlana tse lahlwang tulong e hlwekileng, eseng moo dijo di leng teng kapa moo dijo di behwang teng.
  2. Tsipa bo kantle ba enngwe ya diatlana mo letsohong.
  3. Ebola o isa tlase, hole le leqaiqailaneng la letsoho, o ntse o fetola seatlana ho se isa kahare-kantle. Hulela seatlana hole ho fihlela se tlohile letsohong la hao.
  4. Tshwara bo ka hare-kantle ba seatlana ka letsoho le nang le seatlana.
  5. Ka letsoho le senang seatlana, thellisa menwana ka tlasa leqaiqailane la letsoho O se ame korolo ya kantle ya seatlana.
  6. Ebola o isa tlase, hole le leqaiqailaneng la letsoho, o ntse o fetola seatlana ho se isa kahare-kantle. Hulela seatlana hole ho fihlela se tlohile letsohong la hao.
  7. Tswelapele o ntse o hulela seatlana fatshe, ka hodima seatlana sa pele. Sena se paka hore diatlana di kahare-kantle le hore tshilafatso e ke se fihlele matsoho a hao a tsotseng.
  8. Lahla diatlana kamora hore o di sebedise. O se hlole o di sebedisa.
  9. Hlapa matsoho a hao ka nepo.
Ha o Tsamaya le ha o Kgutlela Lapeng la Hao
  1. Ha ho se ho qhomme lefu lena sebakeng seo o dula ho sona, tswa lapeng la hao ha ho hlokahala mme o ilo batla dintho tse hlokahalang kapa o dumelletswe ka molao sebakeng sa heno.
  2. Ha o lokela ho tswa lapeng, apara sesireletsi sa sefahleho le diatlana tse lahlwang kamora ho sebediswa.
  3. Etsa bonnete ba sebaka se bolokehileng hara batho.
  4. Pele o kena lapeng la hao, etsa tse lateng:
    • a. Rola dieta tsa hao mme o di siye kantle, kapa o di nyanyatse ka sebalaya dikokwana-hloko.
    • b. Ntsha le ho lahla sesireletsi sa sefahleho le diatlana.
    • c. Kenya diatlana tse ding mme o sebedise seboyala dikokwana-hloko ho hlwekisa—dinotlolo, karete ya banka, sepatjhe, jj.
  5. Lahla diatlana.
  6. Hlapa matsoho a hao ka nepo.
Kakaretso

Ha o apara sesireletsi sa sefahleho kapa diatlana, sebedisa ditsela tse fumanwang bukaneng ena, ka ho di kenya le ho dintsha. Sena se tla etsa hore tsela ya ho itshereletsa ho ho jaleng dikokwana-hloko e tiye.



Tsebo eo ho fanweng ka yona ke ya ho fana ka tsebo feela mme e se bohehe jwalo ka tsebo ya bongaka. Etsa ka matla ho fumana thuso ho motho ya ithutetseng bongaka kapa yona ngaka ya hao le bohle ba sebetsang ka tsa booki hore ba o thuse dipotsong tse lebaneng le tsa bophelo.


Mehlodi e Ekelleditsweng

Kopolla mme o hatise matshwao ao ho a sebidisa hae kapa mosebetsi e ya hlokahala.

Karohano ka sebaka

Tsela e sebetsang ya ho thibela ho jaleha ha mafu le tshwaetso, ke ho sebedisa karohano ka sebaka ka boomo.

Kamano

Ka baka la bophelo le tshireletso ya bohle, ka kopo tlohelang ho amana le ba bang ka nako ena, jwaleka.

Tsela ya Hlapa Matsoho

Ho hlatswa matsoho ke enngwe ya dintho tse bohlokwa tsa tsela ya ho thibela ho jaleha ha dikokwana-hloko.

Sanithaeza ya matsoho

Sanethaeza e sebediswa ho kopanela le tsa ho hlatswa matsoho tse ding, kapa moo ho senang metsi teng le sesepa, moo o ke keng wa di fumana ka bo haufi.