DIKAROLO TSA KUTLWISISO

THUTO YA INTHANETE

Ho thuto ena o tla ithuta:

  • Dikarolo tse tharo tse tlisang kutlwisiso ya eng kapa eng le hore na di amana jwang.
  • Kamoo o ka ntlafatsang dikamano le mang kapa mang.
  • Disebediswa tse nepahetseng tseo o di hlokang ho eketsa kutlwisiso ya hao ho mang kapa mang eo o mo tsebang le lefatshe le o potileng.

Thuto ka Kakaretso

Dishelefotse ikgabisang tsa mabenkele a dibuka, maqhubu a moya le dibui tsa ho - ithusa tse tsamayang potoloho ya thuto hohle tharollo ya mathata a ho utlwisisa bophelo. Leha ho le jwalo mathata a mangata a motho a motho a ntse a sa gone ho - a rarolla.

Ho thuto ena, L. Ron Hubbard o ya tlatsa "tharollo" ena kaofela ho fana ka tsebo ya mantlha ya se hlileng se bolelang kutswisiso.

O ka etsa eng ka tsebo ee? Ka ho tseba kutlwisiso ya nnete, o na le disebediswa tsa ho sebetsana le bophelo ka bo bona. Sena se bolela hore o na le disebediswa tsa ho eketsa kutlwisiso ya hao ka eng kapa eng - ho kenyelletsa batho bao o ba tsebang le bao o kopanang le bona.

Tsebo ena e tla o thusa ho thusa ba bang ba nang le mathata a bakilweng ke ho se utlwisisane, maikutlo a fapane, dikamano tse senyehileng le mathata a mang a entseng bophelo ba motho letoto la mathata a latellanang. O tla ithuta dikarolo tsa kutlwisiso, hore na di amana jwang le ho tlisa kutlwisiso. Ka bokgoni boo motho a ka e fumanang ho ithuteng metheo e ka mona, o ka thusa ho kgutlisetsa ba bang kutlwisisong le batho ba habo bona le lefatshe le ba - potileng.

Leha e le karolo feela ya theknoloji e felletseng Mr Hubbard o ile a tswela pele ka thuto ena e teng mona, ho lekane ho fetola mokgwa wa hao wa bophelo. Mme tshebediso ya yona e tla o thusa ho atleha karolong efe kapa efe ya ketsahalo ya batho.

Haeba kgaello ya kutlwisiso, e hlile, e le sesosa ya mathata a motho, a nahana ka bokgoni ba hae ntle le tshitiso ena. Batho ba dimilione ba sebedisang tsebo ena ba fihla dibakeng tse phahameng tseo ba neng ba di lora feela - mme ba atleha ho thusa ba bang ho etsa se tswanang.

 

Dintlha tsa thuto

Tsela e bonolo ya ho Ithuta

Thuto ena e behilwe ka mokgwa wa Kgato ka nngwe, la tatelano ya ho bala mesebetsi le dipotso ho hlahloba kwitlisiso ya hao.

Pele o qala, ipopele tsela ya ho kena ya hao ho webesaete ya Scientology. Ha o se o kene, lenaneo le inthaneteng le tla ho tataisa ho ya ka Kgato ka nngwe ya thuto ho fihlela pheletsong ka disebediswa tse fanweng ho tswa ho webesaete ya Scientology.

Bolelele ba thuto

Dihora tse 4 (nne). O ka nna wa etsa thuto ena ka ho ya ha lebelo la hao Ka mantswe a mang. ha o a behelwa nako Thuto ena ke tshebeletso ya rona e tliswang ho wena ntle le tefello.

Disebediswa

Bukana: Dikarolo tsa Kutlwisiso
buka-kaelong ya Scientology

Disebediswa tsa thuto ya hao di kenyeletsa le thuto ya inthaneteng Ka mantswe a mang, ha o se o kene, o ka bala disebediswa inthaneteng hare ho lenaneo la thuto ha o etsa Kgato ka nngwe Re ho kgothalletsa ho kopolla ntle le tefelo kapa ho ithekela bukana, ho lekola le ho supisa ha o sa kena ho lenaneo la thuto.

Tlhokomelo

Ha ho etsahala ka nako e fe o ka hloka thuso ka thuto le mosebetsi wa hao, o se ke wa tsila-tsila ho ikopanya le motsamaise wa thuto eo o ka mo fumanang ka “o hloka thuso?” konopo ya thuto ya inthaneteng Motsamaise wa thuto ya inthaneteng o tla ho thusa le ho et sa hore o utlwisisa le ho finyella boholo le molemo wa disebediswa tsa thuto. Sephetho ke hore o tseba ka botlalo ho sebedisa tsebo e ka Hare moo.

Phethelo ya thuto

Ha o se o phethile Thuto ya Dikarolo tsa Kutlwisiso O tla fumana setefikeiti ka emeile.

 

Dipale tsa Tswelopele

“Ke motlotlo ho bolela hore ke qetile thuto ya Dikarolo tsa Kutlwisiso e fanwang ke Matona a Boithaopo. Thuto ena e nthusitse haholo bophelong ba ka ba letsatsi le letsatsi. Ha ke ithuta melao-motheo ya kamano e haufi, nnete le puisano, jwale ke kgona ho buisana le mang kapa mang ka boiketlo. Ke sebetsa mosebetsi oo puisano e ntle e leng bohlokwa ho ona, leha ho le jwalo ke hlokometse hore ho phahamisa puisano ho thusa karolo e ngwe le e ngwe ya bophelo ba ka. Nahana ka lefatshe leo ho lona motho e mong le e mong a nang le tsebo ya ho buisana. E kaba lefatshe le betere leo re ka phelang ho lona!

“Pele ke ithuta, ke ne ke thatafallwa haholo mosebetsing. Khamphani eo ke e sebeletsang e ne e etsa diphetoho tse neng di sa tsamaisane hantle le bareki ba rona. Kaha ke ne ke le mookameli sebakeng sena, ke ne ke jara boima ba ho se kgotsofale ha bona. Kgatello ya maikutlo ya ho fapanyetsana hona le batho e ne e nkgathatsa hoo ke neng ke sa nahane hore nka tswela pele mosebetsing wa ka wa jwale. Ke ile ka letsetsa nomoro ya mahala ya Matona a Baithaopi bakeng sa tshehetso, mme ka lebiswa thutong ena ka kotloloho.

“Kamora ho nka thuto ena, ke hlokometse hore kgafetsa ke kgona ho qoba ho se utlwisisane le dikgohlano. Ho hlile ho na le dinako tseo ke hlahisitsweng le motho ya halefileng mme qetellong ya moqoqo motho eo o hlile wa nteboha! Jwale ke seo ke se bitsang tlholo!

“Ka kakaretso, ho tloha thutong ena, ditshebedisano tsa ka le batho ba bang di bile monate haholo mme jwalo ka bonase e eketsehileng ke fumana kgotsofalo e kgolo mosebetsing wa ka. Ke thabile haholo ka diphetho tsa ka mme ke kgothaletsa thuto ena ho bohle!” 

A.C.


“Thuto ena e ntumelletse hore ke etse ka bongata karolong tsohle tsa bophelo ba ka Affinity, reality and communication [ARC] di bopa kgutlotharo moo boiphihlelo baka le batho, dibaka le dintho di fetolwa

“Ke aha affinity ka kutlwisiso e senang kahlolo ha ke hlokomela tikoloho e haufi le nna Ke sheba dintho ka seo eleng sona e seng seo e seng sona; ke bona batho ka hoo ba leng hona eseng boo ba seng hona. Ka hona, kutlo yaka ya monate wa lefatshe ke thabo feela

“Ha ke le kapa ke sa buisane, ke a tseba hore affinity yaka le/kapa nnete yaka etsa kapa e se jwalo ka batho ba bang le hore seo kaofela re se etsang ke ho tsosolotsa ARC kgutlotharo hore re utlwisise haholo!

“Engwe ya katleho eo ke bileng le yona ke hore ke na le boikarabelo, ke hlokolosi haholwanyane hore ke sesosa sa taba ya bophelo ba ka. Potso eo ke neng ke tlwaetse ho e botsa ke hore ke eng se bohlokwa ho nna? Ho nale lelapa laka, mosebetsi wa ka, bophelo bo botle, kamano ya ka ya lerato Dikarolo tseo tsa bophelo ba ka hore ke ikemiseditse ho sebetsa molemong wa ho aha kutlwisiso e eketsehileng le kgutlotharo ya ARC Kea leboha.”

D.D.C.