DIPHEYO LE DIPHEO

THUTO YA INTHANETE

Ho thuto ena o tla ithuta:

  • Hobaneng batho ka dinako tse ding ba sebetsa ka thata ho fihlela sepheo empa ba sa etse tswelo-pele ya ho se fihlela.
  • Seo o hlokang ho se etsa mohato ka mohato ho etsa hore merero wa hao ebe nnete.
  • Disebediswa tse nepahetseng tseo o di hlokang ho ipehela le ho fihlela sepheo sa hao ho ketsahalo efe kapa efe.

Thuto ka Kakaretso

Motho o etsa jwang hore dintho di etswe? Motho aka etsa jwang hore toro e be ya nnete kapa a tsamaise moralo ho fihlela o phethelwa? Bongata ba rona ho bonahala re na le dipheo tse sa fihlellwang kapa merero e sa phethahalang mme bongata ba rona re tobane le mesebetsi e bonahalang e sithabetsang, ebile e sa kgone ho e fihlela. Sena ke nnete eseng feela ka batho ka bomong, empa le ka dikhamphani esita le dinaha. Nalane e tletse ka merero e sa - atlehang.

Ho lekola thuto ya mokgatlo, L. Ron Hubbard o ile a ntshetsapele le sehlopha se seholo sa theknoloji ho netefatsa katleho ya sehlopha sefe kapa sefe. Ka ho etsa jwalo, o boetse a fana ka tharollo ho bajaki ba atileng haholo: kgaello ya bokgoni ba ho etsa merero.

Ho thuto ena, o tla fumana hore na o ka fumana sepheo, sefe kapa sefe se seholo kapa se nyane jwang. Merero e ka etswa ho fihlela e atleha, empa mehato e mengata ya bohlokwa e tlameha ho nkuwa, ka ho latellang. O tla ithuta hore na mehato ena ke efe le hore na o ka e sebedisa jwang ho fihlela ho eng kapa eng - takatso ya botho, ya lelapa, sehlopha, sa kgwebo le tse ding. O tla ithuta hore ditoro tsa hao di ka fetoha hao di ka - phethahala.

 

Dintlha tsa thuto

Tsela e bonolo ya ho Ithuta

Thuto ena e behilwe ka mokgwa wa Kgato ka nngwe, la tatelano ya ho bala mesebetsi le dipotso ho hlahloba kwitlisiso ya hao.

Pele o qala, ipopele tsela ya ho kena ya hao ho webesaete ya Scientology. Ha o se o kene, lenaneo le inthaneteng le tla ho tataisa ho ya ka Kgato ka nngwe ya thuto ho fihlela pheletsong ka disebediswa tse fanweng ho tswa ho webesaete ya Scientology.

Bolelele ba thuto

Dihora tse 5 (hlano). O ka nna wa etsa thuto ena ka ho ya ha lebelo la hao Ka mantswe a mang. ha o a behelwa nako Thuto ena ke tshebeletso ya rona e tliswang ho wena ntle le tefello.

Disebediswa

Bukana: Dipheyo le Dipheo
buka-kaelong ya Scientology

Disebediswa tsa thuto ya hao di kenyeletsa le thuto ya inthaneteng Ka mantswe a mang, ha o se o kene, o ka bala disebediswa inthaneteng hare ho lenaneo la thuto ha o etsa Kgato ka nngwe Re ho kgothalletsa ho kopolla ntle le tefelo kapa ho ithekela bukana, ho lekola le ho supisa ha o sa kena ho lenaneo la thuto.

Tlhokomelo

Ha ho etsahala ka nako e fe o ka hloka thuso ka thuto le mosebetsi wa hao, o se ke wa tsila-tsila ho ikopanya le motsamaise wa thuto eo o ka mo fumanang ka “o hloka thuso?” konopo ya thuto ya inthaneteng Motsamaise wa thuto ya inthaneteng o tla ho thusa le ho et sa hore o utlwisisa le ho finyella boholo le molemo wa disebediswa tsa thuto. Sephetho ke hore o tseba ka botlalo ho sebedisa tsebo e ka Hare moo.

Phethelo ya thuto

Ha o se o phethile Thuto ya Dipheyo le Dipheo O tla fumana setefikeiti ka emeile.

 

Dipale tsa Tswelopele

“Jwaloka motho ya ratang botumo le ya boiqapelo hangata ke ba le maikutlo mabapi le ditsela tseo nka ntlafatsang bophelo ba ka ka tsona kapa ba batho ba haufi le nna, ba lelapa la ka le metswalle. Leha ho le jwalo, hangata mehopolo ena e tla e be e fete ntle le ho bona ditholwana. Letsatsi le leng le le leng ke tobana le diphephetso tse ntjha bophelong mme ho fihlela jwale ke fumane ho le bonolo ho tjhetjhisa kapa ho lahla meralo hobane ke tlohella ditshitiso ho kena tseleng ya ka.

Dipheyo le Dipheo di nthutile bohlokwa ba ho ba le moralo wa ntwa le leano le akaretsang e le hore ha mathata a hlaha motho a ka sebetsana le bothata mme a tswelapele ho fihlela sepheo sa hae ka kakaretso, kapa ho ikamahanya le ho lekola botjha hore bothata bo be nyane mabapi le sepheo sa hao sa ho qetela.

“Theknoloji ha e le hantle e ile ya mpha pono e fapaneng ka ho felletseng mabapi le ho rala le ho etsa hore ke hlokomele hore ke na le pono e ntle haholo ebile ke sa lebella hore na nka fihlela katleho jwang.  Ke ne ke nahana hore ka letsatsi le leng e tla fela ebe ho tla ba jwalo. Jwale, ha ke ntse ke utlwisisa hore ho tla hloka mosebetsi o boima le boikemisetso ba ho fihlela katleho ke ikutlwa ke kgodisehile hore theknoloji ena e mphile sistimi ya tshehetso eo nka e sebedisang kgafetsa.

“Jwalo ka thuto ya Theknoloji ya Ho Ithuta, ke se ke ntse ke na le bopaki ba hore na theknoloji ena e makatsa hakae. Sepheo seo ke ipehetseng sona se le seng sa dintho tseo ke di sebedisang ke ntho eo esale ke nahana ho e etsa ka dikgwedi tse ngata, leha ho le jwalo ke sa ka ka etsa boiteko ba ho e etsa le ho etsa ho hong ka yona. Jwale, ha ke na leano la ho phethela morero ona feela, empa ke dipheo tse qaqileng haholo tseo nka di sebedisang ho fihlela mohopolo wa ka. Jwale ke lebelletse bokamoso ke emetse hore mathata a hlahe ka tsebo ya hore tsena e ke ke ya e-ba dintho tse mpe empa e le menyetla ya ho sebedisa leano le moralo o motle ho fihlela katleho!”

G.C.


“Ke phethile thuto ya Dipheyo le Dipheo ka webosaete ya Baithaopi ba Scientology. Kamora ho bala buka inthaneteng le ho phethela tse sebetsang, ke ile ka sebedisa disebediswa kgwebong ya ka.

“Nakong ya dibeke tse mmalwa tsa tshebediso ya disebediswa, ke ekeditse palo ya batho ba lebellwang ho tloha ho 1-2 ka beke ho ya ho 6-8 ka beke, mme ke na le bareki ba babedi bao ke sebetsang le bona. Thuto ena e na le thuso ka hore di-practical di o ruta ho sebedisa disebediswa. Hase kgopolo-taba feela. Ho sebedisa disebediswa ho etsa hore o tsepamise maikutlo haholo dipakaneng. Mesebetsi yohle e sa tshehetseng sepheo e ya fediswa, mme ho sebediswa feela mesebetsi e phahameng e lebisang dipakaneng.

“Ke natefetswe ke thuto ena mme ke nkile buka ya Dipheyo le Dipheo tsa ka e le hore nka netefatsa hore ke sebedisa disebediswa letsatsi le leng le le leng. Ke kgodisehile hore kgwebo ya ka e tla atleha. Ke bona matshwao a hona jwale.”

M.H.