ASSISTS YA MAFU LE DIKOTSI

THUTO YA INTHANETE

Ho thuto ena o tla ithuta:

  • Kamoo o ka thusang motho ho hlaphohelwa kapele ho tswa kotsing, bolwetse kapa kwatile.
  • Kamano ya hao ke eng mmeleng wa hao le kelellong ya hao — le hore na hobaneng o na le matla a ho susumetsa bophelo ba hao.
  • Bokgoni boo o ka bo sebedisang ho thusa ho bebofatsa bohloko le ho se utlwise bohloko ha motho e mong.

Thuto ka Kakaretso

Batho ka dinako tse ding ba utlwa bohloko kgwebong ya bophelo. Mmele wa motho o na le mafu le dikotsi tse fapaneng tsa semelo sa ka phoso kapa sa boemo.

Ho theosa le dilemo, madumedi a lekile ho imolla bohloko ba Motho nameng. Mekgwa e fapane ho tloha thapelong ho isa peo ya matsoho, mme ha hlaha ditumela-kgwela tse ngata ho ikarabella bakeng sa katleho ya tsona ka dinako tse ding. E bile tumelo e atileng haholo, le ha ho le jwalo, hose ho tshwarehang hore na mokgwa o sebedisitsweng wa hore moya o ka ba le phello - mmeleng.

Kajeno, moriana o phekola mmele ha ho na le ho hong ho phoso ka oona. Empa e hlokomoloha kamano ya bong le moya mmeleng wa hae le phello eo ya pele e nang le yona ho motho wa morao.

Taba ke hore kamora kalafo efe kapa efe e hlokahalang ya bongaka, motho ka boyena o na le bokgoni bo boholo ba ho susumetsa mmele le boiketlo - ba mmele kapa ho haella ha ona.

L. Ron Hubbard o o hlahisitse tshebediso e ngata ya seo a se fumaneng molemong wa mathata a kelello le a moya a motho. Mme ha mekgwa e mengata e ntse e fetoha, theknoloji e ntjha e ile ya qala ho sebediswa e bitswang - “Assists.”

Ditsela tseo assists di ka sebediswang di batla di se na moedi. Kamehla dia thusa ebile hangata di ba le ditholwana tse mohlolo. Assists tse ngata di teng kajeno bakeng sa maemo a fapaneng, mme tse mmalwa tsa mantlha le tse sebediswang haholo di kenyeleditswe ho thuto ena. 

 

Dintlha tsa thuto

Tsela e bonolo ya ho Ithuta

Thuto ena e behilwe ka mokgwa wa Kgato ka nngwe, la tatelano ya ho bala mesebetsi le dipotso ho hlahloba kwitlisiso ya hao.

Pele o qala, ipopele tsela ya ho kena ya hao ho webesaete ya Scientology. Ha o se o kene, lenaneo le inthaneteng le tla ho tataisa ho ya ka Kgato ka nngwe ya thuto ho fihlela pheletsong ka disebediswa tse fanweng ho tswa ho webesaete ya Scientology.

Bolelele ba thuto

Dihora tse 4 (nne) ho isa ho tse 6 (tsheletseng). O ka nna wa etsa thuto ena ka ho ya ha lebelo la hao Ka mantswe a mang. ha o a behelwa nako Thuto ena ke tshebeletso ya rona e tliswang ho wena ntle le tefello.

Disebediswa

Bukana: Assists ya Mafu le Dikotsi
buka-kaelong ya Scientology

Disebediswa tsa thuto ya hao di kenyeletsa le thuto ya inthaneteng Ka mantswe a mang, ha o se o kene, o ka bala disebediswa inthaneteng hare ho lenaneo la thuto ha o etsa Kgato ka nngwe Re ho kgothalletsa ho kopolla ntle le tefelo kapa ho ithekela bukana, ho lekola le ho supisa ha o sa kena ho lenaneo la thuto.

Tlhokomelo

Ha ho etsahala ka nako e fe o ka hloka thuso ka thuto le mosebetsi wa hao, o se ke wa tsila-tsila ho ikopanya le motsamaise wa thuto eo o ka mo fumanang ka “o hloka thuso?” konopo ya thuto ya inthaneteng Motsamaise wa thuto ya inthaneteng o tla ho thusa le ho et sa hore o utlwisisa le ho finyella boholo le molemo wa disebediswa tsa thuto. Sephetho ke hore o tseba ka botlalo ho sebedisa tsebo e ka Hare moo.

Phethelo ya thuto

Ha o se o phethile Thuto ya Assists ya Mafu le Dikotsi O tla fumana setefikeiti ka emeile.

 

Dipale tsa Tswelopele

“Ke tswetse pele ho batlisisa ho fihlela ke fumana Scientology le assist ya yona. Nka re jwale ke fumane seo ke neng ke se batla. Kaha ke sebedisitse assist, ke bile le bokgoni ba ho thusa le ho susumetsa mmele le bophelo bo botle ba mmele.

“Ke ntho e ntle ho bona batho ba fola le ho fetola maphelo a bona. Hona jwale ke na le metswalle e mengata hape ke se ke qadile ho ruta ka dithuso mekgatlong eo ke leng ho yona.

“Hona jwale bophelo ba ka bo na le tshusumetso e sebetsang, mme kea tseba hore ke tla thusa batho nako e telele, hobane ke fumane mokhgwa o matla wa ho kenya letsoho eseng feela setjhabeng sa heso empa le naheng yohle ya ka.”

F.N.


“Ke leboha sehlopha sena jwale ke se ke kgona ho robala hape. Pele ho ba le makgetlo a mangata ha mora wa ka ya dilemo tse nne a ba le mahlaba maotong. Hangata o ne a tlwaetse ho ba le mofuta o jwalo wa bohloko ha le nna ke kgathetse mme ke se na matla a ho mo sebetsa.

“Empa ha ke ithuta ka assist mme ka qala ho e sebedisa, ke ne ke kgona ho mo sebetsana le ho mo robatsa hape hangata ka tlase ho metsotso e mehlano. Sena se re thusitse haholo. O ile a kgona ho robala a bonahala a se na bohloko, mme ke imolohile haholo ha ke fumane mokgwa wa ho mo thusa le lelapa lohle la ka (hobane le bona ba ile ba utlwa bohloko). Ho bonolo haholo, ha o tseba seo o lokelang ho se etsa. Ke lakatsa eka bohle ba ka tseba ka sena mme ba e leke.”

M.H.