LENYALO

THUTO YA INTHANETE

Ho thuto ena o tla ithuta:

  • Se etsang hore banyalani ba arohane le maaka ka morao ho manyalong a mangata a qhalaneng.
  • Ditsela tsa ho o thusa ho tseba hore na motho oo loketse - pele o qala kamano kapa lenyalo.
  • Disebediswa tseo o ka di sebedisang ho kgutlisa puisano dipakeng tsa monna le mosadi — ho aha lenyalo la ho kgotsofatsa, le le tshwarellang.

Thuto ka Kakaretso

Moo hang lelapa e neng e le motheo o tsitsitseng, oo tsohle tse ding di hahilweng ho ona , kajeno masala a shatlehileng ke sesosa wa boholo ba mathata a mokgatlo. Mme ha manyalo a ntse a feta tlhalo, lekgalo le kwalwa ka potlako. Lenyalo le tseleng e lebang ho ba setsi - se hlolehileng.

L Ron Hubbard o ngotse haholo ka dikamano pakeng tsa batho ba bang mme boholo ba yona bo sebetsa ho dikamano tsena tsa batho. Ho Thuto ena o tla fumana mekgwa ya ho etsa hore lenyalo le atlehe, hobaneng manyalo a mangata a hloleha, ho tseba hore na balekane ba tshwaneleha hantle, le hore na ba ka pholosa lenyalo le sa atleheng jwang.

Leha dimakasine tsa rona di tletse ka dikeletso tsa "pop" ditsebi tsa kelello, mokgwa ona o mpefetse le ho feta. Mona ke maemo a nnete a sebetsang a tharollo a ka sebediswang ho ntlafatsa kamano efe kapa efe e haufi-ufi.

 

Dintlha tsa thuto

Tsela e bonolo ya ho Ithuta

Thuto ena e behilwe ka mokgwa wa Kgato ka nngwe, la tatelano ya ho bala mesebetsi le dipotso ho hlahloba kwitlisiso ya hao.

Pele o qala, ipopele tsela ya ho kena ya hao ho webesaete ya Scientology. Ha o se o kene, lenaneo le inthaneteng le tla ho tataisa ho ya ka Kgato ka nngwe ya thuto ho fihlela pheletsong ka disebediswa tse fanweng ho tswa ho webesaete ya Scientology.

Bolelele ba thuto

Dihora tse 4 (nne) ho isa ho tse 5 (hlano). O ka nna wa etsa thuto ena ka ho ya ha lebelo la hao Ka mantswe a mang. ha o a behelwa nako Thuto ena ke tshebeletso ya rona e tliswang ho wena ntle le tefello.

Disebediswa

Bukana: Lenyalo
buka-kaelong ya Scientology

Disebediswa tsa thuto ya hao di kenyeletsa le thuto ya inthaneteng Ka mantswe a mang, ha o se o kene, o ka bala disebediswa inthaneteng hare ho lenaneo la thuto ha o etsa Kgato ka nngwe Re ho kgothalletsa ho kopolla ntle le tefelo kapa ho ithekela bukana, ho lekola le ho supisa ha o sa kena ho lenaneo la thuto.

Tlhokomelo

Ha ho etsahala ka nako e fe o ka hloka thuso ka thuto le mosebetsi wa hao, o se ke wa tsila-tsila ho ikopanya le motsamaise wa thuto eo o ka mo fumanang ka “o hloka thuso?” konopo ya thuto ya inthaneteng Motsamaise wa thuto ya inthaneteng o tla ho thusa le ho et sa hore o utlwisisa le ho finyella boholo le molemo wa disebediswa tsa thuto. Sephetho ke hore o tseba ka botlalo ho sebedisa tsebo e ka Hare moo.

Phethelo ya thuto

Ha o se o phethile Thuto ya Lenyalo O tla fumana setefikeiti ka emeile.

 

Dipale tsa Tswelopele

“Thuto ya Lenyalo e ne e thusa haholo ho nna le monna wa ka ho utlwisisana, ka ho ithuta ho hlomphana, ho bontsha botshepehi le ho tshepana, le ho bua ha re halefile ebile re sa boloka kgalefo.

“Re ne re le makgatheng a ho arohana, re nahana hore ha ho na mokgwa wa ho lokisa tshenyo. E nngwe ya dintho tseo re haellwang ho moetlo wa Ma-Afrika ke puisano, kaha monna o dula a ikarabella ebile o nepahetse maemong ohle. Moetlong wa rona, banna ke bona ba ka sehloohong, basadi ba dihlong ho hlahisa maikutlo a bona, mme maemong a mangata sena se fella ka tlhalo. Ha re na baeletsi ba lenyalo ho lokisa manyalo.

“Ke leboha Kereke ya Scientology haholo. Ha ke se ke badile bukana ena, ke ithutile le ho utlwisisa hore lenyalo ke motheo wa malapa.”

J.F.


“Ha ke ne ke tobane le mathata lenyalong la ka, ke ne ke nahana hore ke etlo hlala ho fihlela ke sibolla Matona a Baithaopi ho inthanete. Bophelo ba ka bo ne bo utlwisa bohloko haholo, mme ha ho mohla nkileng ka ba le dinako tse monate le monna wa ka.

“Ha ke etsa Thuto ya Lenyalo ke ile ka boela ka iphumana hape mme ke matlafaditswe. Ke iphumane ke kgona ho bua le batho ba nang le mathata a lenyalo le ho ba moeletsi ka ho ba fa lesedi (dibukana). Motsotsong oo ke qalang ho arolelana lesedi leo ke iphumaneng ke batla ho nyalwa ke sa hlale mme ka hlokomela hore mathata a ka rarollwa mme batho ba ka qala bophelo bo botjha kamora ho feta dinakong tse tshabehang haeba ba ka fuwa lesedi le hlokahalang ho rarolla diphapang tsa bona.

“Ho ba lenyalong ke tlotla ebile ka ho buisana le tla ba le lenyalo le letle ka ho fetisisa. Ke ne ke le e mong wa batho ba buisanang hampe empa ke leboha Matona a Boithaopo ka dintho tse khothatsang tseo o ka di etsang, haeba o di latela o tla ipona hape.

“Ha ho na letho le ke keng la kgoneha lenyalong ha feela o na le tlhahiso-lesedi ya Matona a Boithaopo. Ke motho e motjha ya fetohileng mme metswalle ya ka e meng e neng e na le mathata a tshwanang le yona e qala ho ananela manyalo a bona.”

J.M.