DISEBEDISWA TSA MOSEBETSING

THUTO YA INTHANETE

Ho thuto ena o tla ithuta:

  • Sesosa sa mathata, ho sa tsitsang le ho hloleha mosebetsing le ka bophelo.
  • Hobaneng o kgathala ke ho sebetsana le batho letsatsi lohle le seo o ka se etsang ka yona.
  • Mehato eo o ka e nkang ho hlola mokgathala le ho fumana tjheseho ya hao mosebetsing.

Thuto ka Kakaretso

Tlhahiso e theoha ka sekgahla, ho tebelwa haholo mosebetsing, dikamano tse bobebe dipakeng tsa motsamaisi le basebetsi, bokgoni ba phethahatso le ho se sebetse hantle ho phethahatso le kgwebo e sa tshepahaleng. Ha ho makatse hore ebe ketso ya mosebetsi e le sesosa ya kgatello le ho tshwenyeha ha dimilione.

Mokgwa wa ho eketsa tshebetso ya mosebetsi le tlhahiso, e le mokgwa wa ho sebetsana le ho ferekana le pherekano mosebetsing le ho hlola mokgathala ke ditaba tsohle tse amang mohiruwa le molaodi. Qeto ya bona e ne e tla tlisa eseng feela tshireletseho e kgolo empa le kgotsofalo e kgolo.

Thuto ena e na le melao-motheo e mengata e fapaneng haholo eo L. Ron Hubbard a e ntlafaditseng ka tshebediso mosebetsing. Mosebetsi ha o kgone feela o ka ba e putsang le ho kgotsofatsa empa e le ketsahalo ya mantlha maphelong a rona a mangata, o lokela ho ba jwalo. Tshebediso ya tlhaiso-leseding ena e tla o thusa ho etsa jwalo.

 

Dintlha tsa thuto

Tsela e bonolo ya ho Ithuta

Thuto ena e behilwe ka mokgwa wa Kgato ka nngwe, la tatelano ya ho bala mesebetsi le dipotso ho hlahloba kwitlisiso ya hao.

Pele o qala, ipopele tsela ya ho kena ya hao ho webesaete ya Scientology. Ha o se o kene, lenaneo le inthaneteng le tla ho tataisa ho ya ka Kgato ka nngwe ya thuto ho fihlela pheletsong ka disebediswa tse fanweng ho tswa ho webesaete ya Scientology.

Bolelele ba thuto

Dihora tse 5 (hlano) ho isa ho tse 6 (tsheletseng). O ka nna wa etsa thuto ena ka ho ya ha lebelo la hao Ka mantswe a mang. ha o a behelwa nako Thuto ena ke tshebeletso ya rona e tliswang ho wena ntle le tefello.

Disebediswa

Bukana: Disebediswa tsa Mosebetsing
buka-kaelong ya Scientology

Disebediswa tsa thuto ya hao di kenyeletsa le thuto ya inthaneteng Ka mantswe a mang, ha o se o kene, o ka bala disebediswa inthaneteng hare ho lenaneo la thuto ha o etsa Kgato ka nngwe Re ho kgothalletsa ho kopolla ntle le tefelo kapa ho ithekela bukana, ho lekola le ho supisa ha o sa kena ho lenaneo la thuto.

Tlhokomelo

Ha ho etsahala ka nako e fe o ka hloka thuso ka thuto le mosebetsi wa hao, o se ke wa tsila-tsila ho ikopanya le motsamaise wa thuto eo o ka mo fumanang ka “o hloka thuso?” konopo ya thuto ya inthaneteng Motsamaise wa thuto ya inthaneteng o tla ho thusa le ho et sa hore o utlwisisa le ho finyella boholo le molemo wa disebediswa tsa thuto. Sephetho ke hore o tseba ka botlalo ho sebedisa tsebo e ka Hare moo.

Phethelo ya thuto

Ha o se o phethile Thuto ya Disebediswa tsa Mosebetsing O tla fumana setefikeiti ka emeile.

 

Dipale tsa Tswelopele

“Thuto ena e bile molemo haholo ho nna, mme e ntlafaditse boiphihlelo ba ka le tlhahiso mosebetsing ofising. Tshebediso ya disebediswa tse fapaneng e ntlafaditse puisano ya ka haholo le basebetsi mmoho le nna. E bwetse e thehile kutlwano ya kamano le disebediswa tse tikolohong ya rona ya mosebetsi, le mokgwa wa ho sebedisa taolo e ntle le ho sebetsana le mokgathala (eseng bakeng sa ka feela empa le metswalle ya ka).

“Ke thabile hore nna le bo mphato ba ka jwale re mehlodi ya bahlodi le katleho ya ofisi ya rona ka lebaka la seo ke ithutileng sona!”

M.M.

“Thuto ya Disebediswa tsa Mosebetsing e bile boiphihlelo bo botle. Ka sebele e ne e le ho bala o ho matla. E nthusitse ho hlokomela hore nka kgona ho hlola pherekano habonolo, mme ke itsebise hantle mme ke sebedise mofuta ofe kapa ofe wa motjhini kapa ntho eo nka sebetsang le yona ka ho sebedisa tshebetso ya Fihla le Ho Ikgula, le ho thusa ba bang ho etsa se tshwanang. Hape, e nthutile ka mokgathala o mongata mosebetsing le hore na nka o hlola jwang. Thuto e hlalositse tharollo e sebetsang haholo le e bonolo ya mathata a letsatsi le letsatsi a ka sebediswang ke mang le mang. Ke rata ho nolofatsa haholo, mme ke utlwa eka thuto e fane ka bonolo, empa ka tsela e matla le e sebetsang.

“Karolo eo ke neng ke e rata haholo thutong eo e ne e le karolo ya 'Otlolla maoto o Tsamaye'. Ho tsamaya feela le ho sheba tikoloho ya hao ke thuso e kgolo haeba o imetswe kelellong, o ikutlwa o kgathetse, jj. Hape, mohopolo wa ho tsamaya le ho sheba batho bohle ba fapaneng bao o ka kopanang le bona leetong la hao le wona o ne o le motle. Ke tsela e ntle ya ho ikutlwa o imolohile haeba o sebeditse le batho ba thata motshehare.

“Ke ikutlwa eka nka tlwaelana le ho sebedisa hamolemo eng kapa eng eo ke sebetsang le yona jwale, ka ho kopana le yona feela le ho ikopanya haholwanyane le yona, ekaba sesebediswa, motho kapa tikoloho eo ke leng ho yona.”

E.D.

“Ke ithutile ho hongata thutong ena, ho qala ka molao-motheo wa Datum e Tsitsitseng. Ke sebedisitse sena makgetlo a mangata ho tloha ha ke ithuta ka sona, mme se nthusa ho dula ke laola maemo mosebetsing le lapeng. Ke hlile ka fumana mosebetsi o motjha ha ke ntse ke ithuta thuto ena, ka hona e ne e lekana hantle.

“Ke ne ke sebedisa tshebetso ya Fihla le ho Ikgula ha ke le mosebetsing ha ke qala mosebetsi, mme e nthusitse ho hokahana le tikoloho ya ka sebakeng se setjha sa mosebetsi. Nako le nako ha boemo ba lehodimo bo ntumella hore ke otlolle maoto ka dinako tsa ka tsa kgefu.

“Ke fumana mekgwa e metjha ya ho theha mosebetsi wa ka botjha letsatsi le leng le le leng, mme ke o boloka o le monate ebile o kgotsofatsa. Ke leboha disebediswa tsohle tseo ke ithutileng tsona le tseo ke di sebedisitseng thutong ena.”

R.C.