BANA

THUTO YA INTHANETE

Ho thuto ena o tla ithuta:

  • Seo bana ba se hlokang haholo ho batswadi ba bona.
  • Hobaneng bana ba halefa le hore na ba ka fodiswa kapele jwang ha ba utlwile bohloko.
  • Disebediswa tse nepahetseng tseo o ka di sebedisang ho hodisa bana ba hao hore ba thabe, ba phetse hantle, ba le bohlale ba bile ba - itshepa ka bophelo.

Thuto ka Kakaretso

Ho hodisa ngwana ya phetseng hantle ha se ntho eo batswadi ba bangata ba e rutwang. Ha e le hantle ba bangata ba kgopjwa ke tshebetso ena, kaofela le ha ba na le sepheo se setle. Ka hona, ho tlwaelehile haholo ho fumana boemo bo sa thabiseng ba ditaba malapeng, a nang le kgohlano e sa feleng dipakeng tsa batswadi le - bana.

Hase boemo ba tlhaho ba ditaba. Ebile e ka qojwa ka botlalo. L. Ron Hubbard o ile a qapa mekgwa e mengata ya ho hlahisa se setle ho ngwana - le ho batswadi ba hae. Ho thuto ena, o tla bala ka e meng ya mekgwa ena mme o fumane hore ba o ka hodisa ngwana jwang ntle le ho roba moya wa hae, ho ba le ngwana ya ikemiseditseng ho kenya letsoho ho ba lelapa le ho thusa ngwana ho fenya kapele mathata le matshwenyeho a - bophelo.

Ho hodisa bana e lokela ho ba thabo. Mme e ka ba. Ebile e ka ba e nngwe ya tse putsang ka ho fetisisa phihlelong yohle ya motho. Tshebediso ya melao-motheo ya Scientology ho hohodiseng bana e ka netefatsa hore ba thabile ba lerato ebile ba na le tlhahiso le hore eba ditho tsa bohlokwa setjhabeng seo ba dulang ho sona.

 

Dintlha tsa thuto

Tsela e bonolo ya ho Ithuta

Thuto ena e behilwe ka mokgwa wa Kgato ka nngwe, la tatelano ya ho bala mesebetsi le dipotso ho hlahloba kwitlisiso ya hao.

Pele o qala, ipopele tsela ya ho kena ya hao ho webesaete ya Scientology. Ha o se o kene, lenaneo le inthaneteng le tla ho tataisa ho ya ka Kgato ka nngwe ya thuto ho fihlela pheletsong ka disebediswa tse fanweng ho tswa ho webesaete ya Scientology.

Bolelele ba thuto

Dihora tse 6 (tsheletseng) ho isa ho tse 7 (supa). O ka nna wa etsa thuto ena ka ho ya ha lebelo la hao Ka mantswe a mang. ha o a behelwa nako Thuto ena ke tshebeletso ya rona e tliswang ho wena ntle le tefello.

Disebediswa

Bukana: Bana
buka-kaelong ya Scientology

Disebediswa tsa thuto ya hao di kenyeletsa le thuto ya inthaneteng Ka mantswe a mang, ha o se o kene, o ka bala disebediswa inthaneteng hare ho lenaneo la thuto ha o etsa Kgato ka nngwe Re ho kgothalletsa ho kopolla ntle le tefelo kapa ho ithekela bukana, ho lekola le ho supisa ha o sa kena ho lenaneo la thuto.

Tlhokomelo

Ha ho etsahala ka nako e fe o ka hloka thuso ka thuto le mosebetsi wa hao, o se ke wa tsila-tsila ho ikopanya le motsamaise wa thuto eo o ka mo fumanang ka “o hloka thuso?” konopo ya thuto ya inthaneteng Motsamaise wa thuto ya inthaneteng o tla ho thusa le ho et sa hore o utlwisisa le ho finyella boholo le molemo wa disebediswa tsa thuto. Sephetho ke hore o tseba ka botlalo ho sebedisa tsebo e ka Hare moo.

Phethelo ya thuto

Ha o se o phethile Thuto ya Bana O tla fumana setefikeiti ka emeile.

 

Dipale tsa Tswelopele

“Ke nkile dithuto tse ngata tsa kgolo ya bana koletjheng, mme ke ithutile eng ho tsona? Ha ho letho! Mme ke tlameha ho re, ke ne ke sa dumellane le dintho tse ngata tseo ba neng ba di ruta. Ke hloile kamoo dihlopheng tsa koletjhe ba neng ba sheba ngwana jwalo ka ha eka ke mofuta o fapaneng. Empa bukana ya Bana e re bana ke batho ba baholo ba banyenyane.

“Buka ena e na le mekgwa e thusang haholo e hlileng e sebetsa. Ke tlholo e kgolo ho nna, hobane ke sebetsa le bana letsatsi le leng le le leng mme tlhahiso-lesedi le bukaneng ena ke yona feela buka eo nkileng ka e bala ka bana eo ke dumellanang le yona hantle!

“Nka kgothaletsa sena ho mang kapa mang, eseng feela batho ba nang le bana kapa ba sebetsang le bana, empa bohle. Feela jwaloka dibuka tsohle tsa L. Ron Hubbard, ho bonolo ho di bala le ho di utlwisisa, di hlophisehile, mme boitsebiso bona ke ba bohlokwa haholo.”

A.M.


“Thuto ya Bana e mphile monyetla o le mong wa ho ithuta ka kwetliso e nepahetseng ya bana, ho hodisa ngwana ya thabileng le ya phetseng hantle, le bokgoni bo bongata ba ka hare boo bana ba fuweng bona.

“Nakong ya thuto ena, ke ithutile ho ananela, ho leboha le ho ananela menehelo ya kgaitsedi ya ka e monyane ho sa natse hore na e me nyane hakae lapeng. Ka lebaka leo, kgaitsedi wa ka e monyane jwale o dula lefatsheng le fapaneng, lefatshe moo a hlwekisang kamore ya hae a le mong, o beha dintho sebakeng sa tsona se nepahetseng ntle le mang kapa mang ya mo kgannelang mme ke maketse ha a ithaopela ho nthusa ka kitjhineng.

“Ho feta moo, ke tlohetse ho mo sitisa ho nka diqeto le ho mo behela dithibelo tse tiileng mabapi le mofuta wa metswalle eo a lokelang ho e etsa, moo a lokelang ho ya teng le moo a sa lokelang ho ya teng, jj. Ho tloha ka nako eo, e se e le ngwana ya ratehang eo ke neng ke mo lora. Ha a sa fetohela hobane ke kena feela ho bentsha tse ding tsa diqeto tsa hae mme ha ke mo qobelle ho etsa jwalo. Ka lehlohonolo, takatso ya hae ya ho ba rasaense wa dikhomphutha e ntse e le teng.”

E.T.