SESOSA SA KGATELLO

THUTO YA INTHANETE

Ho thuto ena o tla ithuta:

  • Hobaneng ha motho ya etsang hantle ka bophelo a ka etsa hampe ka tshohanyetso kapa a qala ho hloleha.
  • Ditshobotsi tse leshome le metso e mmedi tse kgethollang tse tla o thusa ho kgetha metswalle le bao o itswakanyang le bona ka bohlale.
  • Disebediswa tseo o ka di sebedisang ho thusa ho imolla mojaro wa motho e mong wa ho hatella, e le hore ba phele hantle ba be ba thabe hape.

Thuto ka Kakaretso

Hobaneng batho ba bang ba kula kgafetsa ho feta ba bang? Hobaneng ba bang ba le kotsing? Mme ho na le lebaka la hore ba bang ba phele maphelo a bona ka leqhubu la maikutlo, ba etsa hantle ka letsatsi le leng mme hosasane hampe?

Ho na le tlhaloso e sa amaneng le medimo, qetello kapa boemo ba dinaledi. Ebile, lebaka la nnete la ketsahalo ena - le tharolla ya tsona - di hlalositswe ho Scientology.

L. Ron Hubbard o ile a kgona ho bona ka mathata a boitshwaro ba batho mme a fumana disosa tsa motheo tse hlalosang ketsahalo ya ho hatella ho batho - ke ho hatella ke ba bang e bakang diketsahalo tsena tse bonahalang di le kotsi. Ditlatsong tse tswang mangolong a hae ho thuto ena, o tla fumana hore na o ka tseba jwang batho ba o lakaletsang hampe le ba lokelang ho ba metswalle ya hao. O tla fumana hore na hobaneng batho ba bang ba etsa hampe ho bophelo le hore na o ka ba thusa jwang hore ba boele ba phele-hantle. O tla ithuta ka mechini e tshehetsang boemo bona bo senyang empa bo tlwaelehileng le ditsela tsa ho bo lwantsha. Ke yona ya data e ka fetolang bophelo ba hao ka mokgwa o tshwarehang le hanghang, jwalo ka ha e fetotse maphelo a ba bang.

 

Dintlha tsa thuto

Tsela e bonolo ya ho Ithuta

Thuto ena e behilwe ka mokgwa wa Kgato ka nngwe, la tatelano ya ho bala mesebetsi le dipotso ho hlahloba kwitlisiso ya hao.

Pele o qala, ipopele tsela ya ho kena ya hao ho webesaete ya Scientology. Ha o se o kene, lenaneo le inthaneteng le tla ho tataisa ho ya ka Kgato ka nngwe ya thuto ho fihlela pheletsong ka disebediswa tse fanweng ho tswa ho webesaete ya Scientology.

Bolelele ba thuto

Dihora tse 8 (robedi) ho isa ho tse 10 (leshome). O ka nna wa etsa thuto ena ka ho ya ha lebelo la hao Ka mantswe a mang. ha o a behelwa nako Thuto ena ke tshebeletso ya rona e tliswang ho wena ntle le tefello.

Disebediswa

Bukana: Sesosa sa Kgatello
buka-kaelong ya Scientology

Disebediswa tsa thuto ya hao di kenyeletsa le thuto ya inthaneteng Ka mantswe a mang, ha o se o kene, o ka bala disebediswa inthaneteng hare ho lenaneo la thuto ha o etsa Kgato ka nngwe Re ho kgothalletsa ho kopolla ntle le tefelo kapa ho ithekela bukana, ho lekola le ho supisa ha o sa kena ho lenaneo la thuto.

Tlhokomelo

Ha ho etsahala ka nako e fe o ka hloka thuso ka thuto le mosebetsi wa hao, o se ke wa tsila-tsila ho ikopanya le motsamaise wa thuto eo o ka mo fumanang ka “o hloka thuso?” konopo ya thuto ya inthaneteng Motsamaise wa thuto ya inthaneteng o tla ho thusa le ho et sa hore o utlwisisa le ho finyella boholo le molemo wa disebediswa tsa thuto. Sephetho ke hore o tseba ka botlalo ho sebedisa tsebo e ka Hare moo.

Phethelo ya thuto

Ha o se o phethile Thuto ya Sesosa sa Kgatello O tla fumana setefikeiti ka emeile.

 

Dipale tsa Tswelopele

“Thutong ena, ke fumane dintlha tsa bohlokwa haholo mabapi le hore na nka etsa diqeto jwang mabapi le hore na ke sebetsa le mang, ke bo mang bao ba lokelang ho ba metswalle ya ka mme ho bohlokwa ka ho fetisisa ke ho sebetsana le ba lekang ho hatella ba bang.

“Ke hlokometse hore na boemo bo kotsi hakana bophelong ba motho bo ka etswa betere hakana ka tsebo ena. Kamora hore ke tshware moena wa ka ka bukana, ke ile ka bona bophelo ba hae bo fetoha ka bosiu bo le bong. Hwa makatsa! Ke leboha mookamedi wa thuto ya ka le ho L. Ron Hubbard.”

M.P.


Ha ke qala thuto ena, ke ne ke sa tsebe letho ka kgatello, disosa tsa yona kapa mehlodi ya yona. Ke ne ke maketse haholo hore ebe e ne e utlwahala hantle ho nna hanghang!

“Ke ile ka ithuta bukana ya Thuto ya Sesosa sa Kgatello ka hloko. Ha ke qetile, ke ile ka kgona ho tseba disosa tsa kgatello bophelong ba ka habonolo. Ke hlokometse melemo ka mora matsatsi, esita le dihora! Ke ne ke se ke sa utlwe ke imetswe kapa ke tshwerwe. Ke ile ka ikutlwa ke le betere mmeleng le kelellong, mme ka ikutlwa hore ke ithutile ho hong ho tla ntswela molemo bophelo bohle ba ka.

“Empa ha ya ka ya fella moo. Thuto ena ha ya nthusa feela hore ke ithuse, empa hape e nthusitse ho thusa ba bang. Bakeng sa ho phethela dikabelo tse sebetsang, ke ile ka tlameha ho ithuta batho ba bang tikolohong ya ka, ho kgetholla mefuta e fapaneng ya botho le diketso tsa kgatello.

“Leha ho le jwalo, ho fapana le ho e tlohella e tswelepele, jwale nka ba thusa ho e emisa kapa ho suthela hole le yona, kapa ho fetela pele. Sena e bile nnete haholo-holo ho motswalle wa ka ya neng a hatellwa ka dilemo. Kamehla o ne a ikutlwa a sa hlaphohelwa kapa a sa phutholoha. O ne a dula a tepella maikutlo a bile a tshwarwa ke sefuba le ntaramane kgafetsa. Ha a utlwa hore wa hatellwa, o ile a qala ho utlwisisa mme a ikutlwa a le betere hanghang. Mme o ile a ntlafala le ho feta ha nako e ntse e ya! O ne a sa kgolwe, ho ne ho makatsa!

“Tsebo eo ke e fumaneng thutong ena ha e tshwane le tse ding. Ke e sebedisitse molemong wa ka le wa ba bang, ka ditsela tse ngata haholo. Bophelo ba ka bo ntlafetse bonyane makgetlo a leshome! Ke ikutlwa ke le motle. Ke ikutlwa eka nka fihlela eng kapa eng, hobane ha ho motho ya ka nthibelang kapa a leka ho mpolella ka tsela e ngwe! Hape, nka thusa metswalle le ba lelapa hore le bona ba ikutlwe ka tsela e tshwanang!”

M.S.