THAROLLO YA TIKOLOHO E KOTSI

THUTO YA INTHANETE

Ho thuto ena o tla ithuta:

  • Hobaneng tikoloho ya hao e kaba sesosa sa hore o ikutlwe o ferekane, o hloka thuso le ho sithabela.
  • Kamoo o ka thusang ho fokotsa tshokelo e bonahalang ya lefatshe le o potileng.
  • Disebediswa tse tla thusa ho eketsa boitshepo ba hao le bokgoni ba taolo mo tikoloho ya hao.

Thuto ka Kakaretso

Re phela lefatsheng la mahlonoko, ho tikoloho e kotsi. Shebella ditaba tsa thelevishene kapa o bale koranta ya hao ya letsatsi le letsatsi mme o dula o ja dijo tsa boshodu, peto, merusu, dipolao, mello, ditshisinyeho tsa lefatshe, merwallo le - tlala.

Na o iphumana o tshwengwa ke se etsahalang haufi le yena? Na o ikutlwa o fellwa ke matla e bile o sa kgone taolo ya diketsahalo tsee? Na ka dinako tse ding o ikutlwa o - tshohile?

Ho thuto ena, L. Ron Hubbard o senya tshebetso ena ya tikoloho e kotsi ,e fanang ka mekgwa e ke keng ya o thusa feela ho hlola tshabo, ya hao empa e o dumelle ho thusa ba bang. E sebediswa ka bophara ba sekala, tlhaiso-leseding ena e tlisa tshusumetso e sa tsejweng ya ho kgutsisa mme e thusa batho ho phela bophelo bo thabileng. E sebediswa ke sekala sa motho ka mong - ke wena - ho tla ntlafatsa maphelo a lelapa la hao, metswalle le bao o itswakanyang le bona.

 

Dintlha tsa thuto

Tsela e bonolo ya ho Ithuta

Thuto ena e behilwe ka mokgwa wa Kgato ka nngwe, la tatelano ya ho bala mesebetsi le dipotso ho hlahloba kwitlisiso ya hao.

Pele o qala, ipopele tsela ya ho kena ya hao ho webesaete ya Scientology. Ha o se o kene, lenaneo le inthaneteng le tla ho tataisa ho ya ka Kgato ka nngwe ya thuto ho fihlela pheletsong ka disebediswa tse fanweng ho tswa ho webesaete ya Scientology.

Bolelele ba thuto

Dihora tse 3 (tharo) 4 (nne). O ka nna wa etsa thuto ena ka ho ya ha lebelo la hao Ka mantswe a mang. ha o a behelwa nako Thuto ena ke tshebeletso ya rona e tliswang ho wena ntle le tefello.

Disebediswa

Bukana: Tharollo ya Tikoloho e Kotsi
buka-kaelong ya Scientology

Disebediswa tsa thuto ya hao di kenyeletsa le thuto ya inthaneteng Ka mantswe a mang, ha o se o kene, o ka bala disebediswa inthaneteng hare ho lenaneo la thuto ha o etsa Kgato ka nngwe Re ho kgothalletsa ho kopolla ntle le tefelo kapa ho ithekela bukana, ho lekola le ho supisa ha o sa kena ho lenaneo la thuto.

Tlhokomelo

Ha ho etsahala ka nako e fe o ka hloka thuso ka thuto le mosebetsi wa hao, o se ke wa tsila-tsila ho ikopanya le motsamaise wa thuto eo o ka mo fumanang ka “o hloka thuso?” konopo ya thuto ya inthaneteng Motsamaise wa thuto ya inthaneteng o tla ho thusa le ho et sa hore o utlwisisa le ho finyella boholo le molemo wa disebediswa tsa thuto. Sephetho ke hore o tseba ka botlalo ho sebedisa tsebo e ka Hare moo.

Phethelo ya thuto

Ha o se o phethile Thuto ya Tharollo ya Tikoloho e Kotsi O tla fumana setefikeiti ka emeile.

 

Dipale tsa Tswelopele

“Ke ile ka makatswa ke kamoo ditaba tsa thuto ena di ileng tsa nkgutsisa ka teng. Ke ne ke tlwaetse ho tshwenyeha ka ditaba le seo ke se badileng pampiring. Ho ithuta se neng se le thutong ena le ho sebedisa mekgwa ya ho fokotsa tshoso, ke atlehile ho tlisa kgutso ho nna le ba lelapa la ka. Ke sebedisa tlhahiso-lesedi e tswang karolong ya "Ho Toba" letsatsi le leng le le leng mosebetsing mme batho ba maketse haholo ke bokgoni ba ka ba ho sebetsana le mojaro wa ka wa mosebetsi.

“Dintho tsena di bohlokwa haholo. Nka kgothaletsa hore tlhahiso-lesedi lena le tsamaiswe hohle. E ntlafalditse bophelo ba ka kgafetsa kamoo ke e sebedisitseng kateng mme kea tseba hore e tla etsetsa ba bang se tshwanang!”

D.T.


“Hwa makatsa ho nna hore na ho na le dintho 'tse ngata hakae tse bolellang batho kamoo ba lokelang ho ikutlwa kateng. Ditaba tse hlahang thelevisheneng le dikgatisong di tletse ka dipale tse 'tshosang' tse etsang hore batho ba ikutlwe ba tshohile ba bile ba hloname.

“Ke nkile dikeletso tse ngotsweng bukaneng ena mme ke qetile beke ke sa bala koranta kapa hona ho shebella ditaba thelevisheneng, mme ya hlolla! Ho tloha ha ke qala 'teko' ena, ke nnile ka thaba haholo mme ha e le hantle ke robala hantle mme ha kea tepella maikutlong. Pele ke qala, ke ne ke bala dikoranta tse pedi kapa tse tharo ka letsatsi, mme kanale ya ka ya TV e ne e dula ditabeng tsa marang-rang letsatsi lohle. O ne o ka re ke motlalehi wa ditaba — ke ne ke tepella maikutlo, ke hloka boikemisetso hape ke sa robale hantle.

“Jwale ho fapana le ho bala pampiri, ke badile ho hong ho tswa ho Scientology kapa Dianetics, kapa ho hong ho matlafatsang moya wa ka. Mabapi le TV, ha ke kgone ho e bulela motshehare, mme mantsiboya, ke shebella mananeo ao ke a ratang ka ho fetesisa, ntle le mokgosi wohle wa ditaba!

“Ha ke e-so ka ke hlokomela kamoo ditaba tseo tse bohloko di ileng tsa nkama kateng, mme hona jwale ke ikutlwa ke le matla ebile ke kgotsofetse!

“Ke leboha Scientology le L. Ron Hubbard, lefatshe le hloka bohlale ba lona. Ke tla ithuta ho eketsehileng, kahoo nka thusa batho — le wena o ka ntshepa.”

M.G.