MELAO YA BOITSHWARO LE MAEMO

THUTO YA INTHANETE

Ho thuto ena o tla ithuta:

  • Melao eo haeba, e latelwa hantle, e ka o tlisetsang bokamoso bo atlehileng, bo thabileng.
  • Dipalo ke eng le hore na o ka di sebedisa jwang ho lekola bophelo ba ketsahalo efe kapa efe eo ho bolela se tla etsahala nakong e tlang.
  • Mehato e tobileng eo o ka e sebedisang ho ntlafatsa hanghang boemo bofe kapa bofe ba motho kapa ba boiphihlelo boo o iphumanang o le ho bona.

Thuto ka Kakaretso

Ke kgale motho a fumane melao ya boitshwaro e le thuto e ferekanyang. Dilemong tse mashome a marao tjena e bile e tsotehang le ho feta. Motho o tseba jwang hore seo a se etsang se nepahetse kapa se fosahetse? Ha a bona batho ba sa tshepahaleng ba tswere matla, dinokwane di ya lokoloha mme ditekanyetso tsa moetlo di qhelelwa ka thoko, mohlomong o ikutlwa a lokela ho nka tsela e bonolo. "Ba bang ba qhekella ka lekgetho, hobaneng ha ke sa lokela? Bana ba bang ba utswa mabenkeleng, kotsi e efe? Empa ho sa tsotelehe eng kapa eng motho o tlameha ho phela ka bo yena Ka dikgatello tse ngata tse sutumetsang le ho hulela motho, reka netefatsa jwang hore dikgetho tsa hae di tla molemong wa lelapa la hae, maemong ohle a bophelo ba hae le bokamoso ba hae?

L. Ron Hubbard o fihleletse katleho e kgolo lebaleng la melao ya boitshwaro e neng e sa kenyeletse feela ho nolofatsa le ho hlophisa thuto, empa ho ntshetsapele theknoloji e sebetsang e nang le tshebediso ya bophelo ba rona, e tlisang thabo e eketsehileng, nala le - phomolo.

Metheo ena e nkilweng mosebetsing wa Mr. Hubbard, ha a hlahise theknoloji yohle ya melao ya boitshwaro e fumanehang ho Scientology. Le ha ho le jwalo, di fana ka mokgwa o nepahetseng wa hore motho a phahamise melao ya boitshwaro ba hae, a eketse bokgoni ba hae ba ho phela sebakeng sefe kapa sefe sa bophelo le ho thusa ba bang ho etsa se tswanang. Kahoo theknoloji ya melao ya boitshwaro ke sesebediswa sa bohlokwa seo o se hlokang ho atleha dikarolong tsohle tsa - bophelo.

 

Dintlha tsa thuto

Tsela e bonolo ya ho Ithuta

Thuto ena e behilwe ka mokgwa wa Kgato ka nngwe, la tatelano ya ho bala mesebetsi le dipotso ho hlahloba kwitlisiso ya hao.

Pele o qala, ipopele tsela ya ho kena ya hao ho webesaete ya Scientology. Ha o se o kene, lenaneo le inthaneteng le tla ho tataisa ho ya ka Kgato ka nngwe ya thuto ho fihlela pheletsong ka disebediswa tse fanweng ho tswa ho webesaete ya Scientology.

Bolelele ba thuto

Dihora tse 8 (robedi) ho isa ho tse 10 (leshome). O ka nna wa etsa thuto ena ka ho ya ha lebelo la hao Ka mantswe a mang. ha o a behelwa nako Thuto ena ke tshebeletso ya rona e tliswang ho wena ntle le tefello.

Disebediswa

Bukana: Melao ya Boitshwaro le Maemo
buka-kaelong ya Scientology

Disebediswa tsa thuto ya hao di kenyeletsa le thuto ya inthaneteng Ka mantswe a mang, ha o se o kene, o ka bala disebediswa inthaneteng hare ho lenaneo la thuto ha o etsa Kgato ka nngwe Re ho kgothalletsa ho kopolla ntle le tefelo kapa ho ithekela bukana, ho lekola le ho supisa ha o sa kena ho lenaneo la thuto.

Tlhokomelo

Ha ho etsahala ka nako e fe o ka hloka thuso ka thuto le mosebetsi wa hao, o se ke wa tsila-tsila ho ikopanya le motsamaise wa thuto eo o ka mo fumanang ka “o hloka thuso?” konopo ya thuto ya inthaneteng Motsamaise wa thuto ya inthaneteng o tla ho thusa le ho et sa hore o utlwisisa le ho finyella boholo le molemo wa disebediswa tsa thuto. Sephetho ke hore o tseba ka botlalo ho sebedisa tsebo e ka Hare moo.

Phethelo ya thuto

Ha o se o phethile Thuto ya Melao ya Boitshwaro le Maemo O tla fumana setefikeiti ka emeile.

 

Dipale tsa Tswelopele

“Saense ya melao ya boitshwaro le toka esale e le khubung ya botho. Re batho feela jwalo ka sistimi ya rona ya toka, mme ha re ntse re tshwarana. Thutong ya Boithuto ba Baithaopi ba Scientology le Maemo, L. Ron Hubbard o phatlaladitse disebediswa tse felletseng tsa ho phela maphelo a rona ka.

“Ka ho ruta batho ho lemoha hantle maemo a boteng, le ho sebedisa mekgwa le mehato maemong ana, ba ka iphitlela ntlafaditswe, le boleng ba bophelo bo ntlafaditswe jwalo ho sena ho ema.

“Ka baka la mehato e latelang, ke iphumane ke tshwarehile haholo bophelong-ka dikarolo tse ngata tseo ke di ntlafaditseng—bothata bo boholo jwale ke ho etsa bonnete ba hore ke leka—lekane hohle dikarolong tsa bophelo baka.

“Ha ho mohla nkileng ka phela bophelo bo ileng ba ntlohela ke le motho ya thabileng jwalo. Ke bile le motsotso wa ho 'tseba' hore na hobaneng batho ba se nang melao ya boitshwaro ba tlwaetse ho phela maemong a tlase haholo. Tlholo ena ka bo yona e mpontsha hore hobaneng bongata ba metswalle ya ka ya kgale ba iphumane ba kgomarela boemong bo phetang.

“Tsebo ya thuto ena e lokela ho ithutwa ke bohle, le bophelo ba bona bo ka ba taba e fapaneng haholo.”

C.H.


“Ke bile le katleho e kgolo ka ho nka dithuto tsena tsa Baithaopi ba Matona. Ka ho latela tataiso, ke kgutliseditse dipalo tsa ka tsa ditjhelete hore e be tsela e nepahetseng. Pele ke qeta thuto ke ne ke le ho dikoloto tsa karete ya mokoloto ho fihlela molaleng wa ka, mme pele kgwedi e fela feela kamora ho qeta thuto ke se ke fedisitse 90% ya tsona!

“Ke ne ke tlameha ho tswa mokgweng o sa tsitsang, mme ke netefaditse ho latela moralo wa boemo ba maruo hantle ha tjhelete e kena.”

S.M.


“Pele ho thuto ena, ke ne ke sa tsebe maemo a ka le a ba bang, mosebetsing. Ke bile le mathata a mangata mosebetsing wa ka o fetileng ka lebaka la ho haellwa ke tsebo ena. Ka dinako tse ding re etsa dintho tse fosahetseng ka nako e nepahetseng ebe re etsa tse nepahetseng ka nako e fosahetseng.

“Thuto ena e ile ya mpha tsela e nepahetseng eo nka sebetsang ho yona — seo ke lokelang ho se etsa ka nako ena le seo ke sa lokelang ho se etsa ka nako ena. E mphile mokgwa wa ho bona mathata ebe ke a rarolla ka mokgwa wa mahlale. Thuto ena e entse hore ke hlokomele diphoso tsa ka le tsa ba bang mosebetsing. Haeba ke ne ke sa ya thutong ena, nka bolela ka polokeho hore nkabe ke sa utlwisise diphiri tsa karolo ena ya bophelo.

“Qetellong ke tlameha ho eketsa, e hlile ya sebetsa haeba e sebediswa ka nepo. Hona jwale ke na le kutlwisiso e ngata haholwanyane ya tikoloho eo ke sebetsang ho yona mme nka thusa le ba bang.

“Ke leboha mookamedi wa thuto ya ka ka thuso ya hae le ditaelo tsa bohlokwa, le ho L. Ron Hubbard.”

A.M.