THEKNOLOJI YA HO ITHUTA

THUTO YA INTHANETE

Ho thuto ena o tla ithuta:

  • Tsela ya pele eo o lokelang ho e hlola hore o tsebe ho ithuta eng kapa eng.
  • Ditshitiso tse tharo tsa ho ithuta tse ka thibelang kutlwisiso ya hao ya thuto - le disebediswa tse nepahetseng tsa ho hlola ditshitiso tsena.
  • Ho bala le ho utlwisisa ka botlalo thuto efe kapa efe eo o e kgethang.

Thuto ka Kakaretso

Nahana ka sena motsotso: dithutong tsohle tsa hao tsa sekolo, na ho na le motho ya kileng a o ruta mokgwa wa ho ithuta ho hong?

Kajeno batho ba fumana mangolo sekolong ba sa tsebe ho bala kapa ho ngola ka boemo bo lekaneng ho tswara mosebetsi kapa ho sebetsana le bophelo. Ke bothata bo boholo. Ha se hore dithuto di ke ke tsa ithutwa; se sa rutweng ke mokgwa wa ho ithuta. Ke mohato o siyo dithutong tsohle.

L. Ron Hubbard o tlatsa sekoti sena ka ho fana ka theknoloji ya pele ebile e le yona feela ya ho ithuta. O ile a sibolla melao eo thuto e thehilweng ho yona mme a hlahisa mekgwa e sebetsang ya hore mang kapa mang a e sebedise. O bitsa thuto ena Theknoloji ya ho Ithuta".

Theknoloji ena e fana ka kutlwisiso ya metheo ya ho ithuta le ho fana ka mekgwa e tobileng ya ho hlola dikoti tsohle tseo motho a ka kopanang le tsona nakong ya boithuto.

Theknoloji ya ho ithuta ha se ho bala kapele kapa ho qhekella memori. Tsena ha diya pakwa hore di phahamisitse bokgoni ba motho ba ho utlwisisa se ithutilweng kapa ho phahamisa tsebo ya ho bala le ho ngola. Theknoloji ya ho Ithuta e bontsha hore na motho o ithuta jwang ho utlwisisa taba e le hore a ka e sebedisa.

E fumanehang mona ke karolo e nyane feela ya theknoloji yohle e ithutilweng ke Mr. Hubbard. Ho sa tsotelehe, kakaretso e kgutswane ena e na le metheo eo o ka e sebedisang ho ithuta ka katleho. Ka theknoloji ena, efe kapa efe thuto e ka ithutwa ke mang kapa mang.

 

Dintlha tsa thuto

Tsela e bonolo ya ho Ithuta

Thuto ena e behilwe ka mokgwa wa Kgato ka nngwe, la tatelano ya ho bala mesebetsi le dipotso ho hlahloba kwitlisiso ya hao.

Pele o qala, ipopele tsela ya ho kena ya hao ho webesaete ya Scientology. Ha o se o kene, lenaneo le inthaneteng le tla ho tataisa ho ya ka Kgato ka nngwe ya thuto ho fihlela pheletsong ka disebediswa tse fanweng ho tswa ho webesaete ya Scientology.

Bolelele ba thuto

Dihora tse 6 (tsheletseng) ho isa ho tse 7 (supa). O ka nna wa etsa thuto ena ka ho ya ha lebelo la hao Ka mantswe a mang. ha o a behelwa nako Thuto ena ke tshebeletso ya rona e tliswang ho wena ntle le tefello.

Disebediswa

Bukana: Theknoloji ya ho Ithuta
buka-kaelong ya Scientology

Disebediswa tsa thuto ya hao di kenyeletsa le thuto ya inthaneteng Ka mantswe a mang, ha o se o kene, o ka bala disebediswa inthaneteng hare ho lenaneo la thuto ha o etsa Kgato ka nngwe Re ho kgothalletsa ho kopolla ntle le tefelo kapa ho ithekela bukana, ho lekola le ho supisa ha o sa kena ho lenaneo la thuto.

Tlhokomelo

Ha ho etsahala ka nako e fe o ka hloka thuso ka thuto le mosebetsi wa hao, o se ke wa tsila-tsila ho ikopanya le motsamaise wa thuto eo o ka mo fumanang ka “o hloka thuso?” konopo ya thuto ya inthaneteng Motsamaise wa thuto ya inthaneteng o tla ho thusa le ho et sa hore o utlwisisa le ho finyella boholo le molemo wa disebediswa tsa thuto. Sephetho ke hore o tseba ka botlalo ho sebedisa tsebo e ka Hare moo.

Phethelo ya thuto

Ha o se o phethile Thuto ya Theknoloji le ho Ithuta O tla fumana setefikeiti ka emeile.

 

Dipale tsa Tswelopele

“Pele ke etsa Thuto ya Theknoloji ya ho Ithuta, ke ne ke thatafallwa ke ho ithuta dintho tse ntjha. Ha ke ntse ke le thuto, ke ile ka ithuta se neng se nthibela ho tseba ho ithuta. Ditshitiso tsena tsa ho ithuta: Ho ba siyo ha Boima,Moepa o moholo ha hololo, le lentswe le sa utlwisisehang ho bonolo ho di hlokomoloha.

“Empa haeba ho le bonolo ho di hlokomoloha, di na le matla a ho rarolla sephiri sa hore na hobaneng ke ne ke sa utlwisise tse ding tsa dithuto tsa ka tsa pejana.  Ke feela kamora hore ke utlwe ka ditshitiso tsena le ditlhare tsa tsona moo ke ileng ka qala ho utlwisisa ntho eo ke neng ke ithuta yona. Empa le ho feta, ha ke qala ho sebedisa mekgwa ena ka nnete, ho se kgone ho ithuta eng kapa eng e ntjha ho ile ha fehlwa.

“Ha ke nahane hore ho na le ntho eo nke keng ka ithuta yona hona jwale. Dintho tsena di lokela ho rutwa dikolong tsohle. E ka rarolla mathata ohle a rona a thuto!”

D.T.


“Sehlooho sa ditshitiso tsa ho ithuta se nthusitse haholo. E ntlafaditse kelello ya ka mme e mphile takatso e eketsehileng ya ho ithuta. Mme e nthusitse ho tlosa ditshitiso tsohle tse nthibelang ho tswelapele ka dithuto tsa ka.

“Lentswe le sa utlwisisehang hantle: Taba ena e ile ya mphephetsa haholo. Jwale ke tseba ho sebetsana le mantswe a thata, ho a hlakola le ho tswela pele ka dithuto tsa ka. Ka sena, ke tla thusa batho ba bangata ba maemong a ho ikutlwa ba hloka ho lahla sehlooho kapa thuto.

“Tlhaloso ya mantlha ya mantswe: Ena e bile katleho e kgolo ho nna hobane ha ke bala sena, ke ile ka kgothala haholo. Batho ba bangata ba sokolang ho ithuta ba tlasa mokgahlelo ona wa ho tsokotsa kapa ho robala ha ba ntse ba bala. Ka karolo ena ya thuto, ke kgonne ho hlola boemo boo mme ke tla thusa batho ba bangata bokamosong ba bona.

“Ka kakaretso, ena e bile thuto e ntle e bohlokwa ho batho ba bangata, haholo baithuti kapa ba ntseng ba ithuta.”

C.S.