BOHLOKWA BA DIKAMANO TSA SETJHABA

THUTO YA INTHANETE

Ho thuto ena o tla ithuta:

  • Dikamano tsa setjhaba ke eng le hore na o ka di sebedisa jwang ka katleho ho fumana tshehetso eo o e hlokang ho tswa ho ba bang.
  • O ka kgetholla setjhaba sa hao ka nepo jwang le ho ba fihlela ka molaetsa oo ba tla o arabela.
  • Disebediswa tse ngata tsa bohlokwa tseo o ka di sebedisang ho etsa hore mesebetsi ya hao e metle e tsebahale le ho amohelwa hantle.

Thuto ka Kakaretso

Dikamano tsa setjhaba di fana ka mekgwa ya ho buisana mehopolo ya hao le ho ba etsa hore ba amohelwe - tsebo e hlokahalang haholo ha o sebetsana le mehopolo e metjha. Ke tsela ya ho fumana tshehetso bakeng sa merero le - boiteko ba hao.

Eo hangata e nkwang e le mokgwa wa ho tsebahala, dikamano tsa setjhaba e kile ya ba le mefokolo e matla. Ona e ne e le moetlo o neng o haellwa ke dintlha tsa bohlokwa. Hona jwale ka lebaka la dintho tse ding tsa bohlokwa tse fumanweng ho Scientology, tswelo-pele e entse hore ketsahalo yohle e be ya bohlokwa haholo le e sebetsang.

Ntlafatso ya L. Ron Hubbard ya dikamano tsa setjhaba ha e etse hore e be ya bohlokwa bakeng sa sehlopha leha e le sefe le motho ofe kapa ofe, empa e tlosa meedi e neng e le teng pejana. Leha theknoloji e felletseng, e pharalletse melao-motheo ya mantlha e kwahetsweng mona e tla ba ya bohlokwa haholo ho mang kapa mang ya nang le morero - wa bohlokwa.

 

Dintlha tsa thuto

Tsela e bonolo ya ho Ithuta

Thuto ena e behilwe ka mokgwa wa Kgato ka nngwe, la tatelano ya ho bala mesebetsi le dipotso ho hlahloba kwitlisiso ya hao.

Pele o qala, ipopele tsela ya ho kena ya hao ho webesaete ya Scientology. Ha o se o kene, lenaneo le inthaneteng le tla ho tataisa ho ya ka Kgato ka nngwe ya thuto ho fihlela pheletsong ka disebediswa tse fanweng ho tswa ho webesaete ya Scientology.

Bolelele ba thuto

Dihora tse 5 (hlano) ho isa ho tse 6 (tsheletseng). O ka nna wa etsa thuto ena ka ho ya ha lebelo la hao Ka mantswe a mang. ha o a behelwa nako Thuto ena ke tshebeletso ya rona e tliswang ho wena ntle le tefello.

Disebediswa

Bukana: Bohlokwa ba Dikamano tsa Setjhaba
buka-kaelong ya Scientology

Disebediswa tsa thuto ya hao di kenyeletsa le thuto ya inthaneteng Ka mantswe a mang, ha o se o kene, o ka bala disebediswa inthaneteng hare ho lenaneo la thuto ha o etsa Kgato ka nngwe Re ho kgothalletsa ho kopolla ntle le tefelo kapa ho ithekela bukana, ho lekola le ho supisa ha o sa kena ho lenaneo la thuto.

Tlhokomelo

Ha ho etsahala ka nako e fe o ka hloka thuso ka thuto le mosebetsi wa hao, o se ke wa tsila-tsila ho ikopanya le motsamaise wa thuto eo o ka mo fumanang ka “o hloka thuso?” konopo ya thuto ya inthaneteng Motsamaise wa thuto ya inthaneteng o tla ho thusa le ho et sa hore o utlwisisa le ho finyella boholo le molemo wa disebediswa tsa thuto. Sephetho ke hore o tseba ka botlalo ho sebedisa tsebo e ka Hare moo.

Phethelo ya thuto

Ha o se o phethile Thuto ya Bohlokwa ba Dikamano tsa Setjhaba O tla fumana setefikeiti ka emeile.

 

Dipale tsa Tswelopele

“Ke ikutlwa ke hlohonolofaditswe ke kwetliso eo ke e fumaneng ka ho sebedisa buka ena dikamanong tsa setjhaba. Ke kgona ho bua jwalo ka setsebi ditabeng tsa mahlale.

“Tshenolo (jwalo ka ha ke tla e bitsa) molaong wa dintlha tse siilweng e bile ntho ya nnete ho nna. Ke ne ke thatafallwa ho sebedisana le metswalle ya ka. Ho bonahala ba ne ba sa tsebe ho hongata, haholo-holo ka tsela eo ke itshwarang ka yona. Ka bokgutshwanyane, ha ho mohla ba kileng ba ba le nnete e ngata ka nna.

“Yaba ho hlaha monyetla mme ka kgethwa ho ba moemedi wa sehlopha koletjheng haufinyane. O ka inahanela o le mothatingwa ho rarolla mathata a baithuti kgahlano le botsamaisi.

“Jwale ho na le sesebediswa sa kamano, nnete le puisano. Ena ke sesebediswa sa puisano se senyehang. Ke lekile ho thusa baithuti-mmoho le nna ho hatella seo ba se batlang ho batsamaisi. Kaha e ne e le kgokahano feela pakeng tsa baithuti le tsamaiso, ke ile ka ba tlisa kutlwisisong ka ho sebedisa kamano, nnete le puisano.

“Ke ikutlwa ke le wa bohlokwa, mme ke ikutlwa ke le siyo hanyane. Sena ho nna ke katleho.”

L.K.


“Thuto ena e hlile e mpontshitse tsela e ntle ya ho sebedisana le batho le ho fumana mehopolo.

“Mehato ya ho etsa sena e ya sebetsa, mme ke rata tsela eo sepheo se setle se dutseng tlase bakeng sa ho fihlela mehopolo. Mme ha ho na motho ya utlwang a kgannelwa hodimo — motho e mong le e mong o ikutlwa a utlwilwe le hore mehopolo e molemong ya yona.

“Hape, mokgwa wa ho sebetsana le menyenyetsi le ditshebo tse mpe o motle haholo hore o tsebe ho sebetsana le sena. Ke ikutlwa ke le mothating wa ho sebetsana le menyenyetsi ka mora thuto ena, mme ke ne ke hlile ke e hloka, ke fumana matla ho e-na le ho ikgula.”

M.D.