DYNAMICS TSA BOTENG

THUTO YA INTHANETE

Ho thuto ena o tla ithuta:

  • Tshusumetso ya mantlha ya diketso le diqeto tsa hao kaofela.
  • Dikarolo tse robedi tse arohaneng tse etsang bophelo le hore na di amana jwang le tse ding.
  • Mokgwa wa ho itshepa ho etsa diqeto tse nepahetseng ka bophelo.

Thuto ka Kakaretso

Ka dilemo tse dikete, motho o lekile ho thusa ho lekola motheo wa hae lefatsheng lena la dintho tse bonahalang. O lokela ho amana jwang le bophelo bohle, le balekane ba hao? Boikarabello ba hae ba nnete ke bofe, le ho mang?

Dikarabo tse hlakileng di ne di sa fumanehe ho tswa ho Bagerike ba kgale, le ho batho ba nahanang ka dintho tse bonahalang ba mehleng ya morao tjena.

Kahoo e ile ya dula ho fihlela L. Ron Hubbard a hlokomela sepheo sa hae se neng se le kgale a se batla: ho sibollwa ha molao-motheo o kopaneng o sebetsang bophelong bohle, tlwaelo e tlwaelehileng eo ka yona bohle, le bophelo, bo ka - utlwisiswang.

Ho sena ho ile ha hlaha morwallo wa ditshibollo tse ka susumetsang semelo sa motho le bophelo.

Melao-motheo ya thuto ena e rarolla qaka ya maitshwaro ya kgale ya se nepahetseng le se fosahetseng mme e tlisa boemo bo botjha ba ho nahana. Ka tsona motho a ka hlakisa dintlha tse fapaneng tsa boteng ka dinako tsohle a etsa diqeto tse nepahetseng ha a tobane le dikgetho mme a fihlelle pono e ntjha ka ditaelo tse fumanehang ho bophelo ba hae.

Mr Hubbard o atolositse hodima melao-motheo ena dingodilweng le dipuo tse ding tse ngata. Empa se latelang se emela moelelo wa thuto le mokgwa o sebetsang wa ho phela ka katleho o sebedisitsweng ke dimilione.

 

Dintlha tsa thuto

Tsela e bonolo ya ho Ithuta

Thuto ena e behilwe ka mokgwa wa Kgato ka nngwe, la tatelano ya ho bala mesebetsi le dipotso ho hlahloba kwitlisiso ya hao.

Pele o qala, ipopele tsela ya ho kena ya hao ho webesaete ya Scientology. Ha o se o kene, lenaneo le inthaneteng le tla ho tataisa ho ya ka Kgato ka nngwe ya thuto ho fihlela pheletsong ka disebediswa tse fanweng ho tswa ho webesaete ya Scientology.

Bolelele ba thuto

Dihora tse 4 (nne). O ka nna wa etsa thuto ena ka ho ya ha lebelo la hao Ka mantswe a mang. ha o a behelwa nako Thuto ena ke tshebeletso ya rona e tliswang ho wena ntle le tefello.

Disebediswa

Bukana: Dynamics tsa Boteng
buka-kaelong ya Scientology

Disebediswa tsa thuto ya hao di kenyeletsa le thuto ya inthaneteng Ka mantswe a mang, ha o se o kene, o ka bala disebediswa inthaneteng hare ho lenaneo la thuto ha o etsa Kgato ka nngwe Re ho kgothalletsa ho kopolla ntle le tefelo kapa ho ithekela bukana, ho lekola le ho supisa ha o sa kena ho lenaneo la thuto.

Tlhokomelo

Ha ho etsahala ka nako e fe o ka hloka thuso ka thuto le mosebetsi wa hao, o se ke wa tsila-tsila ho ikopanya le motsamaise wa thuto eo o ka mo fumanang ka “o hloka thuso?” konopo ya thuto ya inthaneteng Motsamaise wa thuto ya inthaneteng o tla ho thusa le ho et sa hore o utlwisisa le ho finyella boholo le molemo wa disebediswa tsa thuto. Sephetho ke hore o tseba ka botlalo ho sebedisa tsebo e ka Hare moo.

Phethelo ya thuto

Ha o se o phethile Thuto ya Dynamics tsa Boteng O tla fumana setefikeiti ka emeile.

 

Dipale tsa Tswelopele

“Ka nnete e bile boiphihlelo bo monate ho ithuta ka matla [ditshusumetso tse fapaneng kapa ho kganna tseo motho a pholohang ka tsona bophelong]. Hona jwale ke tseba ntho e ntle haholo e ka thusang motho e mong le e mong ho utlwisisa haholoanyane ka maikutlo a bona le ho fetola ntho e ngwe le e ngwe maphelong a bona. Ke sesebediswa se seholo ho bohle, ho kenyeletswa matitjhere, baeletsi, batswadi, barekisi le mang le mang ya tlamehang ho sebetsana le ba bang.

“Motho a le mong eo ke mo thusitseng hona jwale o ratana ebile o lokolohile ka ho felletseng ho phela kamanong ya hae, kamora hore a utlwe bohloko ka dilemo tse fetang leshome ka bothata boo, kamora ho bonwa lenseng ya matla, ya nyamelang.

“Ka disebediswa le lesedi tse fumanweng thutong ena, nka thusa batho ba nang le mathata (bongata ba bona) ba bileng teng maphelong a bona ka dilemo tse fetang leshome kapa ho feta, mme ntho e ngwe le e ngwe e sebeditswe ka boiketlo.

“Ke kgothaletsa bohle ho ya thutong ena.”

J.M.


“Thuto ena e nthusitse ho itadima kantle ho nna le ho nahana ka dibaka tse ding tseo hangata ke neng ke di hlokomoloha, le tseo hangata ba bang ba di hlokomolohang. Dikabelo tse sebetsang di nthusitse ho sheba dintho ka tekanyo e kgolo haholo, haholo ho fumana tharollo e nepahetseng.

“Ho ne ho putsa ho thusa motho e mong ho fumana tharollo e nepahetseng boemong boo a neng a tobane le bona ka ho sebedisa matla [ditakatso tse fapaneng kapa ditshwantsho tseo motho a pholohang ka tsona bophelong] e le 'se supiso.' Ena e bile tlholo e ntle ho rona bobedi.

“Ke se ke qadile ho nka karolo, mme ke ikamahanya hantle le maemo ohle, ho fapana le a mmalwa ho tloha ha ke qeta thuto ena, mme ruri ke tlholo e kgolo. Ke leboha tataiso ya lona, kgothatso ya lona le thuso ya lona thutong ena.”

R.L.