PUISANO

THUTO YA INTHANETE

Ho thuto ena o tla ithuta:

  • Mokgwa wa ho buisana le motho e mong hore ba mamele le ho utlwisisa seo o se buang.
  • Fomula e nepahetseng ya puisano e atlehileng - le mokgwa wa ho ntlafatsa haholo bokgoni ba hao ba ho buisana le mang kapa mang.
  • Disebediswa tseo o ka di sebedisang ho lokisa diphoso tsa puisano tseo o nang le tsona le e mong.

Thuto ka Kakaretso

“Motho o ntse a phela kamoo a kgonang ho buisana,” L. Ron Hubbard a ngotse. Le puisano ke karolo ya bophelo eo a ileng a e hlahloba ka botebo kannete, qetellong a theha mantswe a makgolo a dikete ka thuto ena ya bohlokwa. Bokgoni ba puisano bo bohlokwa maemong afe kapa afe tshebedisano mmoho le batho. Ehlile, ha tsohle di boletswe le ho etswa, maemong afe kapa afe a puisano ke ketsahalo e le nngwe feela eo batho bohle ba - e arolelanang.

Melemo ya puisano e sebetsang e mengata haholo hore e ka thathamiswa, hobane di ntlafatsa dikarolo tsohle tsa bophelo ho tloha ho motho ka mong ho ya ho setsebi. Bokgoni ba ho buisana bo bohlokwa katlehong ya eng kapa - eng.

Ho thuto ena o tla ithuta hore na puisano e ntle e na le eng le hore na o ka tseba tse mpe jwang, dikarolo tsa puisano le hore na o ka di sebedisa jwang, le hore hobaneng puisano e ngata, eseng e tlase, e tlisetsa motho tokoloho e kgolo.

Hape ho kenyeleditswe ho thuto ena ho na le boikwetliso bo bongata boo Mr. Hubbard a bo ntlafaditseng bo ntlafatsang boemo ba puisano le ho ba le tshebediso e ntle ho bophelo. Kutlwisiso ya data ena e tla o fa disebediswa tseo o ka di sebedisang ka - ho sa feleng.

 

Dintlha tsa thuto

Tsela e bonolo ya ho Ithuta

Thuto ena e behilwe ka mokgwa wa Kgato ka nngwe, la tatelano ya ho bala mesebetsi le dipotso ho hlahloba kwitlisiso ya hao.

Pele o qala, ipopele tsela ya ho kena ya hao ho webesaete ya Scientology. Ha o se o kene, lenaneo le inthaneteng le tla ho tataisa ho ya ka Kgato ka nngwe ya thuto ho fihlela pheletsong ka disebediswa tse fanweng ho tswa ho webesaete ya Scientology.

Bolelele ba thuto

Dihora tse 12 (shopedi) ho isa ho tse 15 (shohlano). O ka nna wa etsa thuto ena ka ho ya ha lebelo la hao Ka mantswe a mang. ha o a behelwa nako Thuto ena ke tshebeletso ya rona e tliswang ho wena ntle le tefello.

Disebediswa

Bukana: Puisano
buka-kaelong ya Scientology

Disebediswa tsa thuto ya hao di kenyeletsa le thuto ya inthaneteng Ka mantswe a mang, ha o se o kene, o ka bala disebediswa inthaneteng hare ho lenaneo la thuto ha o etsa Kgato ka nngwe Re ho kgothalletsa ho kopolla ntle le tefelo kapa ho ithekela bukana, ho lekola le ho supisa ha o sa kena ho lenaneo la thuto.

Tlhokomelo

Ha ho etsahala ka nako e fe o ka hloka thuso ka thuto le mosebetsi wa hao, o se ke wa tsila-tsila ho ikopanya le motsamaise wa thuto eo o ka mo fumanang ka “o hloka thuso?” konopo ya thuto ya inthaneteng Motsamaise wa thuto ya inthaneteng o tla ho thusa le ho et sa hore o utlwisisa le ho finyella boholo le molemo wa disebediswa tsa thuto. Sephetho ke hore o tseba ka botlalo ho sebedisa tsebo e ka Hare moo.

Phethelo ya thuto

Ha o se o phethile Thuto ya Puisano O tla fumana setefikeiti ka emeile.

 

Dipale tsa Tswelopele

“Kaofela re kentse letsoho puisanong ya mofuta o mong maphelong a rona a letsatsi le letsatsi, empa moelelo wa nnete wa puisano ke seo ke ithutileng sona thutong ya inthanete ho tswa ho Baithaopi ba Matona. Ka tlhaloso, ke ne ke tseba feela hore puisano e bolela ho fetisa mehopolo le tlhahiso-lesedi ho motho e mong le hore puisano e etsahale, e lokela ho tswa ho motho e mong ebe e fetisetswa ho e mong ya e amohelang le ho e amohela. “Kamora ho qeta thuto ena, ke ile ka ithuta sepheo sa nnete le bohlokwa ba puisano.

“Ka mora ho qeta thuto ena, ke ithutile morero wa nnete le bohlokwa ba puisano Ha kea ithuta feela ho bua ka katleho, empa le ho tsebahala ka ho sebedisa mokgwa o atlehang wa puisano. Ke ithutile hape dipotoloho tsa tsela e le nngwe le tse pedi tsa puisano

“Thuto ena ka mokgwa o hlakileng e nthusitse Ke mongodi lekaleng la tlhokomelo ya bophelo bo botle mme puisano ke o mong wa mesebetsi ya ka e meholo. E ne e hlile e le molemo o moholo ebile e boiphihlelo bo botle ba ho phethela thuto ena. Kea leboha, Matona a Baithaopi, ka ho fana ka monyetla ona o motle.”

K.K.


“Bukana ena e ne e kgahlisa haholo ka kutlwisiso ya hore motho o nahana hore 'Ke buisana ka tsela e itseng letsatsi le leng le le leng, ke eng hape eo re lokelang ho ithuta yona?' Puisano e bohlokwa, mme bukana ena e nthutile hantle hore na nka bua jwang ka nepo. “Ke eng e sebetsang haholwanyane ho bua seo o se bolelang, le ho utlwisiswa ke batho ba bang?

“E nthutile ho sheba matshwawo ho batho ba bang ba reng ha ba utlwisise, le ho bua hantle hore ba utlwisise. Ho kgahlisa haholo hore buka e bontsha mefuta e fapaneng ya puisano mme e ho rute ho ntlafatsa ho tsona hape e ho fe tsebo ka tsona. Batho ba bangata ba nahana hore haeba ba bua, ba ntse ba buisana, empa ho na le ho hongata haholo ka seo!”

A.F.