MOKGWA WA HO RAROLLA DIKGOHLANO

THUTO YA INTHANETE

Ho thuto ena o tla ithuta:

  • Sesosa sa nnete sa dikgang le dikgohlano tsohle tsa batho.
  • Hobaneng dikgohlano tse ding di ka bonahala di le thata — haesita ho sa kgonehe — ho di rarolla ka botlalo.
  • Disebediswa tse nepahetseng tseo o di hlokang ho fumana hore na ke mang ya hlohlelletsang dintho le hore na hobaneng tlhahiso ena e bula lemati ho rarolla qabang efe kapa efe.

Thuto ka Kakaretso

Ho bonahala eka hangata batho ba na le bothata ba ho phedisana hammoho. Malapa a ngangisana, baahisani ba tla ho hlasela, dinaha di lwantshana ka dibetsa. Na ke tsela eo e tlamehang ho ba ka - yona?

Ditsebi tsa Thuto ya Batho, Ditsebi tsa Kahisano, Ditsebi tsa Kelello mme ba bang ba re ho jwalo. Ka ho bona nalane e telele ya boitshwaro ba Motho ba reng motho o na le maikutlo a diphoofolo, kapa ho ikgesolla ebile o mabifi ka tlhaho ya hae.

Kannete, Motho o na le kgotso. Empa a ka kgannelwa ka bonngwe le ka kopanelo ho hloya le - pefo.

Ho etsa dipatlisiso ka disosa tsa pefo, L. Ron Hubbard o sibolla molao wa mantlha le wa tlhaho dikamano tsa botho e hlalosang hore na hobaneng dikgohlano dipakeng tsa batho ho le thata ho di rarolla. Mme o fane ka sesebediswa sa bohlokwa haholo se nolofalletsang motho ho rarolla kgohlano efe kapa efe ekaba pakeng tsa baahisane, basebetsi-mmoho le tsona dinaha

Ho Thuto ena, o tla fumana kamoo o thusang ba bang ho rarolla diphapang tsa bona le ho kgutlisa dikamano tsa kgotso. Kgotso le kutlwano dipakeng tsa batho e ka ba ntho e fetang toro feela. Tshebediso e pharalletseng ya molao ona e tla e etsa - nnete.

 

Dintlha tsa thuto

Tsela e bonolo ya ho Ithuta

Thuto ena e behilwe ka mokgwa wa Kgato ka nngwe, la tatelano ya ho bala mesebetsi le dipotso ho hlahloba kwitlisiso ya hao.

Pele o qala, ipopele tsela ya ho kena ya hao ho webesaete ya Scientology. Ha o se o kene, lenaneo le inthaneteng le tla ho tataisa ho ya ka Kgato ka nngwe ya thuto ho fihlela pheletsong ka disebediswa tse fanweng ho tswa ho webesaete ya Scientology.

Bolelele ba thuto

Dihora tse 6 (tsheletseng) ho isa ho tse 7 (supa). O ka nna wa etsa thuto ena ka ho ya ha lebelo la hao Ka mantswe a mang. ha o a behelwa nako Thuto ena ke tshebeletso ya rona e tliswang ho wena ntle le tefello.

Disebediswa

Bukana: Mokgwa wa ho Rarolla Dikgohlano
buka-kaelong ya Scientology

Disebediswa tsa thuto ya hao di kenyeletsa le thuto ya inthaneteng Ka mantswe a mang, ha o se o kene, o ka bala disebediswa inthaneteng hare ho lenaneo la thuto ha o etsa Kgato ka nngwe Re ho kgothalletsa ho kopolla ntle le tefelo kapa ho ithekela bukana, ho lekola le ho supisa ha o sa kena ho lenaneo la thuto.

Tlhokomelo

Ha ho etsahala ka nako e fe o ka hloka thuso ka thuto le mosebetsi wa hao, o se ke wa tsila-tsila ho ikopanya le motsamaise wa thuto eo o ka mo fumanang ka “o hloka thuso?” konopo ya thuto ya inthaneteng Motsamaise wa thuto ya inthaneteng o tla ho thusa le ho et sa hore o utlwisisa le ho finyella boholo le molemo wa disebediswa tsa thuto. Sephetho ke hore o tseba ka botlalo ho sebedisa tsebo e ka Hare moo.

Phethelo ya thuto

Ha o se o phethile Thuto ya Tsela ya ho Rarolla Dikgohlano O tla fumana setefikeiti ka emeile.

 

Dipale tsa Tswelopele

“Batswadi ba ka ba se ba nyalane dilemong tse mashome a mararo a metso e mehlano tse fetileng. Nakong eo ba bile le bana ba bane, moshanyana a le mong le banana ba bararo. Ho ba letsibolo, ke ba bone ba le mathateng a maholo lenyalong, ho kenyelletsa dikgang tse sa rarollweng tse entseng hore mme a etse qeto ya ho qhala lenyalo.

“Kamora ho etsa Thuto Tsela ya ho Rarolla Dikgohlano, ke nkile qeto ya ho sebedisa seo ke ithutileng sona ho rarolla kgohlano ena pakeng tsa bona e ntseng e tswela pele ka dilemo. Ke sebedisitse Molao wa Mokga wa Boraro mme ke atlehile ho fumana motho ya ipatileng ya bakang kgohlano. E ne e le mosadi e moholo eo ntate wa ka a neng a ratana le yena pele a nyala mme wa ka. Haesale ho tloha ka nako eo o ntse o hlahisa ditlaleho tsa bohata-hore mme wa ka o na le nako e telele a ratana le mohlankana eo a mo tsebang.

“Ho tloha ka nako eo esale ke rarolla dikgohlano tsena, mme jwale batswadi ba ka ba kgona ho dumellana ka ditaba tseo ba neng ba bile le diphapang tse ngata pele ho moo. Hona jwale rea bososela ha bohle re dutse hantle ka phapusing eo ho dulwang ho yona batswadi ba ka ka bobedi ba le teng — e leng boemo bo neng bo sa kgonehe pele. Ena e bile ketsahalo e makatsang ka ho fetisisa eo nkileng ka e bona. Mahlale ana a sebeditse ka mohlolo!”

R.K.N.


“Batho ba bangata ba na le kgotso ebile ba rata ho qoba dikgohlano. Ke ikenya sehlopheng seo. Empa Tsela ya ho Rarolla Dikgohlano e bontsha hore na batho ba ka susumetswa jwang ke dikgohlano ke batho ba boraro ba phatlalatsang ditlaleho tsa bohata kapa maikutlo, ba baka dikhohlano dipakeng tsa ba bang.

“Thuto ena e mphile tsebo e pharalletseng ya ho qoba ho laolwa ke ba bang, ho tseba hore na ba bang ba laolwa ke bo mang, ho rarolla dikgohlano tse seng di ntse di le teng, le ho sebetsana ka kgotso le mekga e mebe ho netefatsa hore ha ba tlise ho hloka kutlwano hape. , moferefere, kapa kgohlano bophelong ba ka kapa mosebetsing.

“Ho sebedisa tsebo ena sebakeng sa ka sa mosebetsi, ke ile ka kgona ho sebetsana le mosebeletsi ya ferekanyang ka ho beha basebetsi ba bang hore ba lwantshane. Sena se bakile tahlehelo ya tlhahiso, dikamano tse senyehileng, le kgatello ya maikutlo le pherekano lefapheng la heso. Empa ka ho sebedisa tsebo e rutwang ke Monghadi Hubbard, ke ile ka kgona ho sebetsana le boemo mme, haeba jwalo ka mohlolo, moya wa kgotso le kutlwano o ile wa hlola lefapha la ka. Theknoloji ena e sebedisitsweng e hlolla haholo.”

S.R.