DIPATLISISO

THUTO YA INTHANETE

Ho thuto ena o tla ithuta:

  • Ho kgetholla se etsang hore ntho e utlwahalang kapa e sa utlwahaleng.
  • Mokgwa wa ho sekaseka tlhaiso-leseding le ho tseba hantle seo o lokelang ho se etsa ho lokisa maemo.
  • Bokgoni boo o bo hlokang ho supa mabaka a nnete a katleho kapa ho hloleha ntlheng efe kapa efe ya bophelo.

Thuto ka Kakaretso

Batho ba bangata ba phela bophelo ka mokgwa o sa rateheng, ba lahlehetswe ke maikutlo bakeng sa ho hlalosa hore hobaneng merero e ntlafala kapa e hana hobaneng e atlehile kapa hobaneng e sa atlehe. Ho hakanya le "ho tsoma", leha ho le jwalo, ha di tshepahale. Mme ntle le tsebo ya ho etsa dipatlisiso tsa maemo, a matle kapa a mabe, le ho fumana dintlha tsa nnete, motho o behellwa ka thoko lewatleng la tlhaiso-leseding - ya data.

Patlisiso e nepahetseng ha e le hantle ke, thepa e sa tlwaelehang. Tlwaelo ya motho ho ditabeng tseo a sa diutlwisiseng ke ho amohela ditlatsetso tsa pele, ho sa tsotelehe hore na di fosahetse hakae. Ka hona theknoloji ya dipatlisiso e ne e hlile e sa etswa kapa ho ntlafatswa. Leha ho le jwalo, L. Ron Hubbard o ile a atleha ho thuto ya ho beha mabaka le ho lebisitseng ho ntshetsopele ha hae tsela ya pele e sebetsang ya ho batla le ho fumana disosa tsa nnete tsa - dintho.

Ho tseba ho etsa dipatlisiso ho fa motho matla a ho bala dintlha le maikutlo a sa rerwang mme a hlahe ka mabaka a nnete a katleho kapa ho hloleha ntlheng efe kapa efe ya bophelo. Ba hlile ba fumana hore hobaneng dintho di le ka tsela eo di leng ka yona, ha ho le jwalo ba kgona ho lokisa le ho ntlafatsa boemo - bofe kapa bofe. Ena ke theknoloji ya bohlokwahadi ho batho maemong ohle a bophelo. 

 

Dintlha tsa thuto

Tsela e bonolo ya ho Ithuta

Thuto ena e behilwe ka mokgwa wa Kgato ka nngwe, la tatelano ya ho bala mesebetsi le dipotso ho hlahloba kwitlisiso ya hao.

Pele o qala, ipopele tsela ya ho kena ya hao ho webesaete ya Scientology. Ha o se o kene, lenaneo le inthaneteng le tla ho tataisa ho ya ka Kgato ka nngwe ya thuto ho fihlela pheletsong ka disebediswa tse fanweng ho tswa ho webesaete ya Scientology.

Bolelele ba thuto

Dihora tse 8 (robedi) ho isa ho tse 10 (leshome). O ka nna wa etsa thuto ena ka ho ya ha lebelo la hao Ka mantswe a mang. ha o a behelwa nako Thuto ena ke tshebeletso ya rona e tliswang ho wena ntle le tefello.

Disebediswa

Bukana: Dipatlisiso
buka-kaelong ya Scientology

Disebediswa tsa thuto ya hao di kenyeletsa le thuto ya inthaneteng Ka mantswe a mang, ha o se o kene, o ka bala disebediswa inthaneteng hare ho lenaneo la thuto ha o etsa Kgato ka nngwe Re ho kgothalletsa ho kopolla ntle le tefelo kapa ho ithekela bukana, ho lekola le ho supisa ha o sa kena ho lenaneo la thuto.

Tlhokomelo

Ha ho etsahala ka nako e fe o ka hloka thuso ka thuto le mosebetsi wa hao, o se ke wa tsila-tsila ho ikopanya le motsamaise wa thuto eo o ka mo fumanang ka “o hloka thuso?” konopo ya thuto ya inthaneteng Motsamaise wa thuto ya inthaneteng o tla ho thusa le ho et sa hore o utlwisisa le ho finyella boholo le molemo wa disebediswa tsa thuto. Sephetho ke hore o tseba ka botlalo ho sebedisa tsebo e ka Hare moo.

Phethelo ya thuto

Ha o se o phethile Thuto ya Dipatlisiso O tla fumana setefikeiti ka emeile.

 

Dipale tsa Tswelopele

“Ke ithutile ho sebedisa mokgwa o sebetsang haholwanyane wa ho fumana dikarabo tsa mathata a tlwaelehileng le ditaba tseo ho neng ho ka ba thata hore ke di tsebe.

“Thuto ya Diphuputso e mphile pono e fapaneng mabapi le mokgwa wa ho sheba le ho sekaseka bothata. E mpontshitse mokgwa wa ho boloka pono e tsepamisitsweng haholwanyane ya taba e haufi le ho fumana ditharollo tse sebetsang tsa bothata.

“E tla nthusa ka tiyo kgolong ya ka e tswelang pele jwalo ka Scientologist mme e nthuse kgwebong ya ka ya ka mehla le bophelong ba ka. E tla mpha pono e fapaneng mabapi le ho rarolla mathata bophelong. Ke leboha hape.”

H.S.


“Thutong ena, ke ithutile ho botsa sebaka ka dintho tse sa nepahalang, molemong wa ho hula kgwele le ho tswelapele ho botsa dipotso dibakeng tse sa utlwahaleng ho fihlela data e senolwa mme boemo bo ka sebetswa le ho lokiswa. Ke ithutile dintlha tsohle tse ikgethang tse ka bang teng maemong mme ka tlwaela ho di fumana ho fihlela ke phutholoha ka tsona. Hape ke entse sena bakeng sa dintlha tse ntle, molemong wa ho di fumana le ho di matlafatsa.

“Ke bwetse ke ithutile bohlokwa ba ho ba le sebaka se hantle ho bapisa maemo a hona jwale le. Ke ithutile diketso tsa dipatlisiso tse hlokahalang ho fumana dintlha le ho kgona ho lokisa dintho ka ho etsa dipatlisiso tse nepahetseng ka tatellano e nepahetseng le ho fumana le letona HOBANENG ka mora lona e le hore boemo bo ka sebetswa.”

C.F.


“Ntho e ngwe le e ngwe e na le lebaka ka mora yona. Mme Scientology e mphile bokgoni ba ho ithuta mabaka ao le ho a laola. Tsebo ya ho etsa dipatlisiso-bokgoni ba ho nahana ka mokgwa o utlwahalang le ho fihla botebong ba dintho-e ntumella ho sheba, ho sebetsana le ho ntlafatsa maemo afe kapa afe karolong efe kapa efe ya bophelo ba ka. Ke atlehile ho kgetholla dibaka tseo ke sebetsang ho tsona, le ho di sebetsa molemong wa hore kgwebo ya ka e tshwane le kgwebo e ntle. Ha ho letsatsi le fetang leo ke sa sebediseng theknoloji ya Monghadi Hubbard ho ntlafatsa bophelo ba ka ka tsela e itseng.”

S.R.