DIKARABO HO DITHETEFATSI

THUTO YA INTHANETE

Ho thuto ena o tla ithuta:

  • Hore na ditlamorao tsa ho sebedisa dithethefatsi di ka siya motho a holofetse, le ha a se a qetile ho di nwa.
  • Ditlamorao tse mpe tseo dithethefatsi di nang le tsona kelellong le ho motho ka mong.
  • Disebediswa tse sebetsang tseo o ka di sebedisang ho thusa motho e mong ho itlosa ka mokgwa o sireletsehileng dithethefatsing.

Thuto ka Kakaretso

Ho bolela hore dithethefatsi di fetohile mahlomola a maholo setjhabeng ha ho bolele boemo bona ka matla. Ha ho na karolo ya bophelo e sa angweng ke sewo sena. Botlokotsebe le pefo ke dihlahiswa tse totobetseng ka ho fetesisa, empa boitshwaro bo bobe, dithuto tse senyehileng mme, ka nnete, bophelo bo senyehileng le bona bo tebile ebile bo - atile.

Mme bothata ha bo felle feela ho dithethefatsi tsa seterateng, ditlamorao tsa dithethefatsi tsa bongaka le tsa kelello, hore na di-painkillers, tranquilizers kapa tsa di-anti-depressing di - kotsi.

L. Ron Hubbard o rarolla bothata bona eseng ka maikemisetso a ho rarolla bophelo bo botle ba mmele empa e le ntshetso-pele ya boikemisetso ba hae ba ho lokolla motho e le moya le ho sebetsana le tshitiso efe kapa efe e hlokang ho rarollwa. Dithethefatsi di ne di le mokwallo - o jwalo

Ho fihlela Mr. Hubbard a theha lenaneo le sebetsang la tshebediso ya dithethefatsi, ho ne ho se na tharollo. Mananeo a buduletsweng ke mafu a kelello a bile le diphoso tse ngata ho feta katleho mme tse ding di ile tsa baka dithethefatsi tse mpe haholo. Batho ba bang ba bohlale haholo ba fumane hore boikemisetso bo botle ha boa lekana Ba ne ba haellwa ke theknoloji e sebetsang.

Lenaneo la Mr. Hubbard le fana ka theknoloji eo. Ho tloha ho thusa motho ho tseba hore na hobaneng a ile a sebedisa dithethefatsi, ho fedisa tshenyo ya kelello le ya moya e etswang ke dithethefatsi, ho silafatsa mmele wa masala a nako e telele a dithethefatsi, ho fa motho disebediswa tse tla mo nolofalletsa ho tlohela dithethefatsi ntle le ho belaela, ke lenaneo le phethahetseng ka ho fetesisa lefatsheng. Kajeno, ka nako ya pele makgolo a dikete a tla paka, ba lemaletseng dithethefatsi le jwala ba ka itokolla bokgobeng bona mme ba tobana le bophelo ka matla le tshepo e ntjhafaditsweng. Thuto ena e na le melao-motheo ya mantlha ya lenaneo lena mme e fana ka kutlwisiso ya pele ya mathata a tshebediso e mpe ya dithethefatsi. 

 

Dintlha tsa thuto

Tsela e bonolo ya ho Ithuta

Thuto ena e behilwe ka mokgwa wa Kgato ka nngwe, la tatelano ya ho bala mesebetsi le dipotso ho hlahloba kwitlisiso ya hao.

Pele o qala, ipopele tsela ya ho kena ya hao ho webesaete ya Scientology. Ha o se o kene, lenaneo le inthaneteng le tla ho tataisa ho ya ka Kgato ka nngwe ya thuto ho fihlela pheletsong ka disebediswa tse fanweng ho tswa ho webesaete ya Scientology.

Bolelele ba thuto

Dihora tse 7 (supa) ho isa ho tse 8 (robedi). O ka nna wa etsa thuto ena ka ho ya ha lebelo la hao Ka mantswe a mang. ha o a behelwa nako Thuto ena ke tshebeletso ya rona e tliswang ho wena ntle le tefello.

Disebediswa

Bukana: Dikarabo ho Dithetefatsi
buka-kaelong ya Scientology

Disebediswa tsa thuto ya hao di kenyeletsa le thuto ya inthaneteng Ka mantswe a mang, ha o se o kene, o ka bala disebediswa inthaneteng hare ho lenaneo la thuto ha o etsa Kgato ka nngwe Re ho kgothalletsa ho kopolla ntle le tefelo kapa ho ithekela bukana, ho lekola le ho supisa ha o sa kena ho lenaneo la thuto.

Tlhokomelo

Ha ho etsahala ka nako e fe o ka hloka thuso ka thuto le mosebetsi wa hao, o se ke wa tsila-tsila ho ikopanya le motsamaise wa thuto eo o ka mo fumanang ka “o hloka thuso?” konopo ya thuto ya inthaneteng Motsamaise wa thuto ya inthaneteng o tla ho thusa le ho et sa hore o utlwisisa le ho finyella boholo le molemo wa disebediswa tsa thuto. Sephetho ke hore o tseba ka botlalo ho sebedisa tsebo e ka Hare moo.

Phethelo ya thuto

Ha o se o phethile Thuto ya Dikarabo ho Dithetefatsi O tla fumana setefikeiti ka emeile.

 

Dipale tsa Tswelopele

“Ke bile le ditho tse mmalwa tsa lelapa leso tse ileng tsa lemalla dithethefatsi. Le nna ke kile ka lemalla khafeine le tswekere ka dinako tse ding bophelong ba ka. Dithethefatso di lemaditse bokgoni baka ba ho sebetsa, le ho ithuta

“Thuto ya inthanete ya Dikarabo Ho Dithethefatsi e nthusitse hore ke utlwisise ke ka baka le feng leo metswalle ya ka le ditho tsa lelapa laka etse ka tsela ba etsang ka yona, le hore e nthusitse hore ke ithute hore dithethefatsi di amme boitshwaro baka jwang

“Ka ho ithuta Dikarabo ho Dithethefatsi, ke ithutile hore nka qoba dithethefatsi jwang, esita le ditlamorao tse bohloko tse tliswang ke dithethefatsi. Ke hlokometse hore ke thabile haholwanyane, ke beha ditholwana haholwanyane, ke kgona ho tsepamisa mohopolo haholwanyane, hape ke thabela bophelo haholwanyane. Ke boikutlo bo monate hakaakang!”

S.R.


“Ha ke ithuta le ho sebedisa thuto ya inthanete ya Dikarabo tsa Dithethefatsi, ke bile le menyetla e mmedi e meholo.

“Ya pele: ithute mme o fumane mokgwa wa ho sebetsana le mathata le ho thusa batho ka dithethefatsi.

“Ya bobedi: monyetla wa ho bua le batho mabapi le bothata bona.

“Wa tseba, ha ho thata ho dumela hore batho ba bangata ha ba tsebiswe ka dithethefatsi le ditlamorao tse amanang le tsona. Ke buile le metswalle e mmalwa. Ba itse ha ho mohla ba kileng ba leka ntho e kang LSD kapa heroine. Empa baa tseba, hape kea tseba, hore selemong sena mmaraka wa cocaine wa phahama. Sepheo se seholo ke batjha ba pakeng tsa dilemo tse 13-17! Ba ka fumana dintho haufi le sekolo kapa di-disco, phakeng kapa tlase seterateng haufi le bara.

“Ke buile le motho e mong le e mong ka mefuta yohle ya dithethefatsi. Eseng feela mefuta e seng molaong, empa le ya molao: dintho tsa maiketsetso le dipildsi tsa mahloko. Mme ka bua le bona ka bohlokwa ba ho hlwekisa mmele le ho o boloka o hlwekile.

“Re leboha L. Ron Hubbard le Baithaopi ba Matona, re ka sebedisa disebediswa tsa nnete kgahlanong le dithethefatsi le ho thusa batho.”

N.C.


Dikarabo tsa Dithethefatsi, ho fanwa ka tharollo ya le leng la mathata a maholohadi setjhabeng. Ka lebaka la sebopeho sa setjhaba sa kajeno, batho ba bangata ba ntse ba le tlasa ditlamorao tsa dithethefatsi, mme maemo ohle a bophelo aa ameha. Ho Dikarabo tsa Dithethefatso, ho ka fumanwa lebaka la mantlha la ho lemalla dithethefatsi, kapa ho itshetleha ho dithethefatsi.

“E bwetse e hlalosa, ka ho hlaka, ditlamorao tseo dithethefatsi di bang le yona ho mosebedisi, hape e bontsha hore na dithethefatsi di senya tshebetso ya motho jwang.

“Ka lehlohonolo, e fana ka tharollo mathateng ana a setjhaba a hlahiswang ke dithethefatsi. Ka tshebediso ya Morero wa Tshebetso, le ditlatsetso tsa phepo e nepahetseng jwalo ka ha ho hlalositswe thutong, basebedisi ba dithethefatsi ba ka thuswa ka bolokolohi. Hang ha ba thusitswe nakong ya pele ya ho hula, ba ka rutwa ka tshebetso e tswelang pele ho thusa ka mabaka a mantlha a ho sebedisa dithethefatsi.

“Ke ne ke na le metswalle e mmalwa eo, ka thuso ya thutolo ena, ke ileng ka kgona ho ruta ka ditlamorao tsa dithethefatsi mmeleng le dikelellong tsa bona. Ke ile ka ba supisa hore na ehlile e ba thusitse hanyane hakae, ho fapana le tumelo ya bona. Ke ile ka kgona ho sebedisa Tshebetso e Tiileng ho ba thusa ho imolla ho hula hwa bona, le ho thusa ho tlosa takatso eo ya jwala. Ka disebediswa tseo ke di filweng thutong ena, ke kgonne ho bua le metswalle ya ka, le ho ba fa disebediswa tsa ho thusa ba bang le ho sebetsana le bothata bo boholo ba setjhaba sa lekgolo la mashome a mabedi a motso o mong la dilemo: dithethefatsi.”

C.H.