Selelekela:
Hobaneng ha Thibelo e le Bohlokwa

Mahloko a mang ho thwe a bakwa ke dibaktheria le divaerase tse kotsi, di tsebahala ka lebitso la dikokwana-hloko. Tshwaetso e bakwang ke dikokwana-hloko ke e fokolang, jwalo ka sefuba se tlwaelehileng, mafu a tebileng kapa tse ka amang bophelo ba motho jwaloka sefuba, ho ja dijo tse nang le tjhefo le tshwaetso ya qoqotho.

Dikokwana-hloko di ka tshwaetsa ka tsela ya ho tloha ho motho e mong ho ya ho e mong ka ho kgohlola, ho thimola le ho dumedisana ka ho tshwarana ka matsoho. Dikokwana-hloko di ka tshwaetsa motho e mong ha a ka thetsa ntho efe kapa efe eo motho ya tshwaeditsweng a e thitsiseng le ho e ama jwalo ka bokahodimo ba khaontara kapa phoofolo tse ruuwang lapeng jwalo ka katse kapa ntja. Tsela e nngwe eo dikokwana-hloko di ka atang ka yona ke ka ho ja dijo le dino tse nang le kokwana‑hloko. Ho kopana le dikokonyana hammoho le diphoofolo tse nang le tshwaetso ho atisa tshwaetso ya dikokwana-hloko.

Hore mahloko a ka ata ha se taba e sa tsejweng. Se sa tsejweng ke hore tshwaetsano e ka etsahala pele bohloko bo hlahella—pele ho nako eo motho a bontshang matshwao a tshwaetso le ho lemoha hore o se a kula. Kahoo tsela ya ho ipaballa e a hlokeha ka nako tsohle e le ho thibela ho ata ha lefu lena.

Ho latela tataiso le dikeletso tseo ho fannweng ka tsona bukaneng ena ho ka thibela ho kula ho ka bang teng. 

Bophelo Bo Botle ka Kakaretso

Mmele wa motho ka tlhaho o itshireletsa ho dikokwana-hloko le dintho tsohle tse nang le tshwaetso sebakeng seo o iphumanang ho sona. Ho ipaballa le ho sireletsa mmele wa hao ho mahloko, ditemoso tse latelang di tla thusa:

  1. Robala nako e lekaneng.
  2. Eja dijo tse nang le phepo e nepahetseng.
  3. Ikwetlise kamehla.

Ho Itlhwekisa

Ho dula o hlwekile ka nako tsohle ke tsela e nepahetseng ya ho thibela ho ata ha dikokwana-hloko le phetiso ya mahloko a tshwaetsang.

Hlapa matsoho

  1. Hlapa matsoho.
  2. Ho hlapa matsoho ke tsela e nepahetseng ya ho thibela ho ata ha dikokwana-hloko. Hlapa matsoho a hao ka dinako tsohle, haholo kamora ho etsa tse latelang:
    1. a. Ho mina, ho kgohlola kapa ho thimola
    2. b. Ho sebedisa ntlwana
    3. c. Pele, kapa nakong eo kapa kamora ho ngwathela
    4. d. Pele le kamora ho ja
    5. e. Pele le kamora ho thusa motho ya kulang
    6. f. Pele le kamora ho tlama leqeba
    7. g. Kamora ho tshwara dikgwerekgwere
    8. h. Kamora ho tshwara phoofolo, dijo tsa yona kapa mantle a yona
  3. Ha o hlapa matsoho o lokela ho sebedisa sesepa le metsi a tjhesang mme matsoho a hao a hohlane ka nepo metsotswana e mashome a mabedi, o ntano a tsokotsa le ho a omisa ka thaole kapa ka sesebediswa sa moya se omisang matsoho. Sebedisa thaole ha o kwala pompo.
  4. Sebedisa sanithaeza.
  5. Sanithaeza ya matsoho e ka sebediswa empa hoo ha ho bolele hore ho se hlapuwe matshoho. Di sebediswa ho tlatselletsa ho hlapa matsoho kapa maemong ao metsi le sesepa di leng siko. Sebedisa sanithaeza ya matsoho eo bonyane alkohol ya yona e leng 60%.
  6. Fokotsa ho arolelana disebediswa tsa hao.
  7. Ho qoba ho hasa dikokwana-hloko, se ke wa arolelana disebediswa tsa ho ja, dikgalase tsa ho nwa, dikopi le dijana tse ding. Boela o se arolelane dithaole, mealo ya ho robala, dikama, diborosolo, mahare le disebediswa tse ding tsa hao.
  8. Qoba kamo ya letshoho le sefahleho.
  9. Letlalo la hao le sebetsa e le sesireletsi sa dikokwana-hloko, empa mahlo a hao, dinko le molomo tsona ha di na tshireletso. Hlapa matsoho a hao ka botlalo pele o ama sefahleho, o ja kapa o nwa.
  10. Ikwahele ha o kgohlola kapa o thimola.
  11. Ha o kgohlola kapa o thimola, etsa jwalo o sebedisa sesebediswa sa ho minela kapa setsu sa hao ho thibela ho dikokwana-hloko ho pheulwa ke moya.
  12. Qoba batho ba kulang.
  13. Qoba ho ba le kamano le batho ba kulang mme o phehelle hore ba dule ba le bang ho fihlela ba hlaphohelwa mme le matshwao a tshwaetso a fela.
  14. Qoba ho ba le kamano le diphoofolo tsa lapeng hammoho le diphoofolo tse ding ha o kula.
  15. Ha motho ya kulang a pholla katse kapa ntja ya hae, a ka nna a siya dikokwana‑hloko boyeng mme bo tshwaetse ya tla e pholla hamorao.

Ho Hlwekisa le ho Sebedisa Sanithaeza

Bohlweki bo nepahetseng ke karolo ya bohlokwa ya ho thibela ho ata ha lefu le tshwaetsang. Sebaka se sebediswang ke batho ba bangata se hloka hore se hlwekiswe le ho sebedisa sanithaeza.

Ditshila di ka bonwa mme tsa phumulwa. Empa le ha ho hlwekisa sebaka ho tlosa ditshila le bohlaswa, ho hlwekisa hoo ho ke ke ha tlosa dikokwana-hloko tsohle tse sebakeng seo.

Ho sebedisa sanithaeza ho tlosa tse sa bonweng—dikokwana-hloko tse nyenyane haholo, tse kang dibaktheria le divaerase. Hang ha sebaka se hlwekisitswe, ho bohlokwa ho nyanyatsa sanithaeza sebakeng se thitsitsweng haholo bakeng sa bohlweki.

Dihlahiswa Tse ka Sebediswang ho Sanithaeza

Botlolo ya ho spreiya

  1. Ho hlwekisa korolo ya sebaka, sebedisa sebolaya dikokwana-hloko se amohehileng, jwalo ka haeterojene peroksaete. Sebedisa motswako o pakeng tsa 3% (boemo bo amohelehileng ba sesebediswa sa lelapa) le 7.9%.
  2. Sebolaya dikokwana-hloko se seng se sebetsang hantle ke alkohol ya mabele—le mokedikedi wa oporeishene. Sebedisa dihlahiswa tsa alkohol tse nang le bonyane 70%. Se sebedise dihlahiswa tse nang le alkohol e fetang 90%, hobane e tla moyafala pele e bolaya vaerase.
  3. O ka sebedisa setshweufatso le motswako wa metsi wa 1/12 ya senwelo (kgabana tse 4) tsa setshweufatso ka boholo ba khoto e 1 (dimilimitara tse 20 tsa setshweufatso ho litara e 1 ya metsi a phodileng). Ha o hlophisa motswako wa setshweufatso, etsa bonnete ba hore o lekola letsatsi la pheletso le hlahellang botlolong le ho etsa bonnete ba hore nako e nepahetseng ya ho se sebedisa ha e so fete.
  4. Ela Hloko: O se tswake setshweufatso le le mofuta ofe kapa ofe wa motswako o hlwekisang, kapa mokedikedi ntle le metsi.
  5. Bala ka nako tsohle le ho latela ditaelo tsa mohlahisi hore o sebedise sehlahiswa sa sebolaya dikokwana-hloko jwang, le nako eo se lokelang ho tlohellwa moo se sebedisitsweng teng.

Dibaka Tse Lokelang ho Hlwekiswa ka Sanithaeza

  1. Hlwekisa le ho sebedisa sanithaeza kgafetsa sebakeng se thitsitsweng le sebaka seo ho tsamauwang haholo ho sona lapeng la hao hammoho le mosebetsing makgetlo a mmalwa ka letsatsi, le teng hore sebaka seo se sebediswa hakae:

    • Sebaka seo bana ba paballang ho sona
    • Karolo eo o bulang lemati ka yona
    • Karolo eo o itshwarellang ka yona ya ditepisi
    • Bokahodimo ba khaontara
    • Difonofono
    • Komporo
    • Ditafole
    • Sebaka seo o itshwarellang ka sona sa setulo
    • Sebaka se seng le se seng se thetswang haholo
  2. Hlwekisa kamore ya ho hlapela ka sanithaeza:

    • Karolo eo o bulang lemati ka yona
    • Sebaka seo sinki e leng ho sona
    • Shawara
    • Ntlwana
  3. Ha o sebedisa koloi ho nka maeto, hlwekisa dikarolo tse itseng ka sanithaeza:

    • Seterebele
    • Dihentlele tsa monyako
    • Sebaka sefe kapa sefe se anngwang hangata

Ho Oka Lefu Lena kapa Matshwao a Lona

Ha o ka wa kula kapa wa ba le matshwao a bontshang hore o a kula, qoba ho kopana le batho ba bang mme o potlakele thuso ya kalafo jwalo kaha ho hlokahala.

Ho Tloswa Bathong

Ho tloswa bathong ho bolela ho tloha ho batho ba bang hore dikokwana-hloko di se ba hahlamele.

Ha o kula kapa o belaela hore o kudiswa ke mafu a tshwaetsang, leka ka hohle ho qoba ho kopana le batho ba bang. Se ye mosebetsing kapa o se be sebakeng seo o tlo kopanang le batho ba bangata haeba o ka kgona ho qoba hoo.

Lapeng teng nka mehato ya ho fokotsa tshwaetso ya ba bang ebang o dula sebakeng seo le phelang le le sehlotshwana:

  1. Robala ka phaposing e nngwe.
  2. Sebedisa kamore ya ho hlape e sa sebedisweng ke ba bang.
  3. Qoba ho dula sebakeng seo ho dulwang ho sona haholo.
  4. Qoba diphoofolo tsa lapeng.
  5. Phahlo tsa hao di se hlatswe le tsa ba bang.
  6. Sebedisa dijana le disebediswa tsa ho ja tse lahlwang. 

Ho Qhoma ha Lefu
Tlhokomediso

Nakong eo ho qhomang lefu le tshwaetsang sebakeng seo o phelang ho sona, ho na le mehato ya tlhokomelo eo o lokelang ho e latela lapeng le mosebetsing.

Ho Kopana le Batho

Nakong ya ho qhoma ha lefu le tshwaetsang, qoba ho ama batho ba bang, mme qoba mefuta e latelang ya ho ama:

Ho hakana
Ho hakana
Ho akana
Ho akana
Ho thetsana ka difeisi
Ho thetsana ka difeisi
Ho thetsana ka diatla
Ho thetsana ka diatla
Ho dumedisana ka matsoho
Ho dumedisana ka matsoho

Ho Arohanngwa ha Batho

Ho Arohanngwa ha Batho
maoto a tsheletseng
(mitara tse pedi)

Tlasa hobane dikokwana-hloko di ka ata ka ho kgohlola kapa ho thimola nakong ya ho qhoma ha lefu, ho kgothalletswa ho ba bohole ba maoto a tsheletseng (mitara tse pedi) pakeng tsa hao le motho e mong.

Ha o qoqa le batho ba bang, o ja kapa maemong ao le kopaneng le le bangata, ho ba hojana le bona ho tla thusa hore wena kapa batho ba bang ba se kule.

Sesireletsi sa Sefahleho

Disireletsi tsa sefahleho di ka fokotsa phetiso ya dikokwana-hloko ha motho ya kulang a bua, a kgohlola kapa a thimola. Ka ho apara disireletsi tsa sefahleho, batho ba kulang ba ka thibela ho fetisetsa lefu lena ho ba bang.

Apara sesireletsi sa sefahleho ha o kudiswa ke lefu le tshwaetsang kapa o belaela hore o na le tshwaetso.

O ka tshwaetswa o sa tsebe ebile o sa bontshe matshwao a tshwaetso, kahoo dula o apere sesireletsi sa sefahleho ha o le hara batho ba tsofetseng kapa batho ba fokollwang ke bophelo ho qoba ho fetisa dikokwana-hloko.

Apara sesireletsi sa sefahleho ha o tseba hore o ka nna wa kopana le batho ba tshwaeditsweng.

Sesireletsi sa sefahleho se ka sebedisetswa sepheo se seng—se ka thusa ka ho thibela hore o se ame molomo kapa nko.

Ho etsa mohlala, ha o thetsa sebaka se anngweng pele ke motho ya tshwaeditsweng, dikokwana-hloko di tla kena matsohong a hao, mme o ka thetsa nko kapa molomo ka letsoho kahoo dikokwana-hloko di ka kena mmeleng wa hao mme tsa o tshwaetsa. Ona ke ona mokgwa oo dikokwana-hloko di ka fetiswang ka ona.

Kahoo sesireletsi sa sefahleho se ka thusa ho thibela tshwaetso hobane o ke ke wa thetsa molomo kapa nko ha o se apere.

Sesireletsi sa sefahleho se ka sebediswa bonyane hang ka letsatsi kapa hang ha se ba mongobo kapa se silafala.

Tsela eo o ka Aparang Sesireletsi sa Sefahleho ka Yona

  1. Pele o apara sesireletsi sa sefahleho, hlapa matsoho a hao ka sesepa le metsi.
  2. Lekola sesireletsi sa sefahleho sa hao hore ebe ha sena moo se tabohileng kapa masoba a ka etsang hore e se bolokehe.
  3. Lekola lehlakore la sesireletsi sa sefahleho leo e leng la ka pele. Lehlakore le nang le mmala ke le sa shebeng ka ho wena.
  4. Lekodisisa hore ke karolo efe ya sesireletsi sa sefahleho e bang ka hodimo. Ha sesireletsi sa sefahleho se na le karolo e thata, e kobehang, hona ho bolela hore o e bopa ho ya ka popeho ya nko ya hao mme karolo eo e ba ka hodimo.
  5. Ha sesireletsi sa sefahleho sa hao se na le maratswana a sarolohang a lekanang hlooho ya hao, tshwarella sesireletsi sa sefahleho sefahlehong sa hao ha o hula leratswana le sarollohang ho tshwara hantle.
  6. Hula bokatlase ba sesireletsi sa sefahleho hodima molomo le seledu.
  7. Lahla sesireletsi sa sefahleho ha o se sebedisitse hanngwe. O se se sebedise hape.
  8. Hlapa matsoho a hao ka nepo.

Diatlana Tse Lahlwang

Leha o ka boloka lelapa la hao le hlwekile o bile o sebedisitse sanithaeza, ho ya mabenkeleng kapa bathong ho eketsa menyetla ya tshwaetso.

Dibaka tse thetswang haholo jwalo ka dikhaontara tsa mabenkele le pompo ya peterole di ka ba le kokwana-hloko ha e le hore motho ya kulang o di amme pele ho wena.

Ho kenya diatlana matsohong a hao ho ka thusa ho thibela phethiso ya dikokwana‑hloko. Tsela e nepahetseng ya ho di kenya hore o bolokehe.

Tsela ya ho Kenya Diatlana Tse Lahwang

  1. Pele o kenye diatlana tse lahlwang, hlapa matsoho ka sesepa le metsi.
  2. Ntsha diatlana ka monwana o motona le wa bosupa mme o tshware bokantle le bokahare ba karolo eo letsoho le kenang ho yona. Hlokomela hore o se thetse bokantle ba seatlana. Kenya letsoho la hao ka hara seatlana ka hloko.
  3. O se leke ho hula seatlana hore se dule hantle letsohong pele o kenya seatlana se seng.
  4. Ntsha seatlana se seng ka monwana o motona le wa bosupa mme o tshware bokantle le bokahare ba korolo eo letsoho le kenang ho yona mme o kenye seatlana jwaloka ha o entse ka letsoho le leng.
  5. Shebisisa hore ebe ha ho na moo ho tabohileng kapa masoba diatlaneng. Ebang o bona moo ho tabohileng kapa lesoba, ntsha diatlana, o hlape matshoho mme o kenye tse ding.
  6. Hulela diatlana hodimo ho kwahela letlalo la hao mme o etse bonnete ba hore o di kentse hantle.
  7. Ha o ka wa thetsa sefahleho, ebang seatlana se taboha kapa ebang o belaela hore diatlana ha di a hlweka kapa di amme sebaka se ka bang le dikokwana-hloko:
    • a. Ntsha diatlana matsohong ha hang mme o di lahle.
    • b. Hlapa matsoho a hao ka nepo.
    • c. Kenya diatlana tse ding.
  8. Lahla diatlana kamora hore o di sebedise. O se hlole o di sebedisa.
  9. Hlapa matsoho a hao ka nepo.

Tseo o Lokelang ho di Ela Hloko ha o le Lapeng kapa Mosebetsing

  1. Ka nako ya ho qhoma ha lefu, hlwekisa le ho sebedisa sanithaeza sebakeng se thetswang hangata le moo ho phetheselwang haholo lapeng kapa mosebetsing:

    • Sebaka seo bana ba paballang ho sona
    • Karolo eo o bulang lemati ka yona
    • Karolo eo o itshwarellang ka yona ya ditepisi
    • Bokahodimo ba khaontara
    • Pompo
    • Difonofono
    • Komporo
    • Ditafole
    • Sebaka seo o itshwarellang ka sona sa setulo
    • Sebaka se seng le se seng se thetswang haholo
  2. Etsa bonnete ba hore o sebedisa sanithaeza kgafetsa ho disebediswa le dintho tse thetswang hangata:

    • Disebediswa tsa elektroniki tsa hao
    • Dinotlolo
    • Karete ya banka
    • Dithabolete
    • Sesebediswa sa ho kgantsha televeshene o sa e thetse
    • Dikarolo tse ho ngolwang ka tsona tsa komporo
    • Dipene
    • Dintho tsohle tse thetswang hangata
  3. Sebedisa sanithaeza ho hlwekisa kamore ya ho hlapela, phaposi ya ho phehela le koloi kgafetsakgafetsa.
  4. Fumana tlhahisoleseding ka sebolaya dikokwana-hloko sefe kapa sefe seo o ka se sebedisang ho lefu lena le qhommeng. O ka hloka sehlahiswa se bolayang baktheria kapa vaerase e itseng.

Ha o Tsamaya le ha o Kgutlela Lapeng la Hao

  1. Ha ho se ho qhomme lefu lena sebakeng seo o dula ho sona, tswa lapeng la hao ha ho hlokahala mme o ilo batla dintho tse hlokahalang kapa o dumelletswe ka molao sebakeng sa heno.
  2. Ha o lokela ho tswa lapeng, apara sesireletsi sa sefahleho le diatlana tse lahlwang kamora ho sebediswa.
  3. Etsa bonnete ba sebaka se bolokehileng hara batho.
  4. Pele o kena lapeng la hao, etsa tse lateng:

    • a. Rola dieta tsa hao mme o di siye kantle, kapa o di nyanyatse ka sebalaya dikokwana‑hloko.
    • b. Ntsha le ho lahla sesireletsi sa sefahleho le diatlana.
    • c. Kenya diatlana tse ding mme o sebedise seboyala dikokwana-hloko ho hlwekisa—dinotlolo, karete ya banka, sepatjhe, jj.
  5. Lahla diatlana.
  6. Hlapa matsoho a hao ka nepo.

Ho Latela Melao le Tataiso ya Sebaka
Seo o Leng ho Sona

gcui_vm:healthy-booklet-local-guidelines

Ha ba ka hodimo ba sebakeng seo o leng ho sona ba fana ka molao, ditlhokomediso le tataiso ya ho thibela ho ata ha lefu le tshwaetsang, latela ditaelo tseo ho fannweng ka tsona. 

Kakaretso

Ka ho latela tataiso le ditemoso tsa bukana ena, o ka thusa ka ho thibela ho ata ha lefu lena mme ra boloka tikoloho ya bophelo bo botle.



Tsebo eo ho fanweng ka yona ke ya ho fana ka tsebo feela mme e se bohehe jwalo ka tsebo ya bongaka. Etsa ka matla ho fumana thuso ho motho ya ithutetseng bongaka kapa yona ngaka ya hao le bohle ba sebetsang ka tsa booki hore ba o thuse dipotsong tse lebaneng le tsa bophelo.


Tlotlontswe

baktheria: ke sebopua se senyane se nang le sele e ka bonwang feela ka maekroskopo. Baktheria e phela hohle ka hare le ho mmele wa motho, e nngwe ke baktheria e seng kotsi jwalo ka e thusang tshilo ya dijo, e nngwe ke e kotsi jwalo ka e bodisang meno kapa e tlisang mafu.

setshweufatso (bleach): setshweufatsa ke khemikhale e bohale ya ho hlwekisa le ho bolaya baktheria le kokwana-hloko e sa lokang.

tshwaetsang: ho tshwaetsa ke ho fetisetsa ho batho ba bang haholo ka kamano ya mmele kapa ka moya.

sebolaya dikokwana-hloko: se bolaya kokoana-hloko le baktheria le dibopua tse ding tse bonwang ka maekroskopo.

alkohol ya mabele: ke mofuta wa alkohol e entsweng ka mabele a bedisitsweng. Ke mokedikedi o senang mmala mme monko wa teng o bohale o thusa dinthong tse ngata jwaleka ho bolaya baktheria le kokwana-hloko.

haeterojene peroksaete: ena ke khemikhale e metsi e sebediswang ho bolaya mafu a hlahisang dibopua tse bonwang ka maekroskopo hape ke setshweufatso se hlakisang mmala kapa ho tlosa mmala wa diaparo tse seng tshweu.

ho tlosa: ho itlosa bathong ka botlalo ka baka la lefu le sa tshwanelang ho fetela bathong ba ba bang.

sanithaeza: ke mokedikedi wa o bolayang dikokwanana-hloko tse bakang lefu/bohloko.

mmetso: mmetso o bakwang ke baktheria e bitswang streptococcus. Hona ho etsa hore motho a tshwarwe ke mmetso, feberu le ho fokola.

matshwao: matshwao ke phetoho mmeleng e bontshang hore motho o tshwerwe ke lefu.

kokwana-hloko: ke kokwana-hloko e leng sesosa sa mafu a tshwaetsang a mmele, kokwana tsena di nyane hoo di kekeng tsa bonwa ka mahlo empa di ka bonwa ka maekroskopo. Dikokwana-hloko di ka tshwaetsa batho ka sefuba se tlwaelehileng kapa ka mafu a tebileng.

Mehlodi e Ekelleditsweng

Kopolla mme o hatise matshwao ao ho a sebidisa hae kapa mosebetsi e ya hlokahala.

Karohano ka sebaka

Tsela e sebetsang ya ho thibela ho jaleha ha mafu le tshwaetso, ke ho sebedisa karohano ka sebaka ka boomo.

Kamano

Ka baka la bophelo le tshireletso ya bohle, ka kopo tlohelang ho amana le ba bang ka nako ena, jwaleka.

Tsela ya Hlapa Matsoho

Ho hlatswa matsoho ke enngwe ya dintho tse bohlokwa tsa tsela ya ho thibela ho jaleha ha dikokwana-hloko.

Sanithaeza ya matsoho

Sanethaeza e sebediswa ho kopanela le tsa ho hlatswa matsoho tse ding, kapa moo ho senang metsi teng le sesepa, moo o ke keng wa di fumana ka bo haufi.