Selelekela
Baktheria le kokwana-hloko di ka jaleha, ha ho ena le motho ka lapeng ya nang le bohloko bo tshwaetsang, matsapa a batsi a ho ithlokomela a hlokahala ho thibela ho jaleha ha mafu ho ditho tse ding tsa lelapa.
Kgato ya pele ke ya ho tseba tsela eo baktheria le kokwana-hloko di jalehang ka teng hore o tsebe ho di thibela.
Baktheria ke di sele tse nnyane tse ikemetseng, tse ka bonwang feela ka maekroskopo. Baktheria e fumana dijo tsa yona ho disele tse ikemetseng tikolohong ya tsona, eo ka nako tse ding e bang wena kapa diphoofolo le tse ding tse phelang.
Hona le baktheria tse lokileng le tse mpe. Mehlala ya baktheria tse lokileng ke tseo tse thusang tshilo ya dijo ho e dumella ho sebetsa ka nepahatso e tla thibela baktheria e sa lokang ho senya.
Tse ding tsa di baktheria di sebedisetswa ho etsa meriana le di ente.
Baktheria e sa lokang e hlahisa dikoti menong, tshwaetso ya ditsebe, mmetso, le tshwaetso tse ngata tse hlahisang mafu.
Kokwana-hloko ke dibopua tse nnyane haholo le ho feta baktheria. Kokwana-hloko e phela feela ha e le ka hara sele e phelang mme e tseba ho ikatisa. Le ha bophelo ba kokwana-hloko ka ntle ho sele e phelang bo le bokgutswane, kokwana-hloko e tseba ho phela ho dintho tse sa pheleng ka matsatsi a mmalwa.
Ha mmele o phelang o ka tshwaetswa ka kokwana-hloko, maro a mmele a dula ka kokwana-hloko ena, mme ha maro ana a ka ba hodima ntho efe kapa efe jwaleka lemati le senwelo, kokwana-hloko e ka dula e phela dihora le matsatsi mme ya tshwaetsa motho e mong ya phelang.
Moamohedi ke sebopua seo baktheria kapa kokwana-hloko di dulang ho sona ho fepuwa le ho sireletswa. E ka ba motho kapa diphoofolo-dikatse, dintja, dinonyana kapa setho se fe le se fe se phelang e kaba moamohedi.
Ha kokwana-hloko e se e kene mmeleng wa motho kapa wa phoofolo (moamohedi) e ya ikatisa mme e jaleha ha bonolo, mme e ka kodisa motho. Kokwana‑hloko e hlahisa mafu a folang a kang sefuba empa le mafung a tshabehang jwaleka mmaselese.
Baktheria le Kokwana-hloko di ka jaleha ka tsela tse fapaneng. Tsela tse tharo tsa ho fetisetsa tse etsahalang ke:
Kamano e lebaneng
Kamano e sa lebaneng
Moyeng
Kamano e Lebaneng
Kamano e lebaneng e bolela ha motho a kopana le e mong sefahleho ka sefahleho, sena se kenyelletsa tumedisano ka matsoho, ho sunana le ho akana.
Ha motho e le moamohedi wa kokwana-hloko, maro a mmele wa hae a na le kokwana-hloko. Ha a ithimula kapa a kgohlola marothodi a maro a wela matsohong.
Ha amana le motho e mong ka ho mo dumedisa ka letsoho, a ka fetisetsa kokwana‑hloko ho motho e mong.
Kamano e sa Lebaneng
Kamano e sa lebaneng e etsahala ha motho a siya kokwana-hloko ho dintho, e be motho e mong o ama ntho enang le kokwana-hloko e fetisetsweng ke motho eo.
Kokwana-hloko e dula ho:
Menyako
Boitshwarellong ba ditepisi
Ditafoleng tsa kountara
Dipompo
Difounu
Dinotlolo
Dikarete tsa bankeng
Dithabolete
Diremoute kontrol
Dikheboto
Dipene
Le tse ngata tseo re di tshwarang ka matsoho
Jwale moamohedi ha a ithimula kapa o a kgohlola ebe o tshwara monyako o siya kokwana-hloko moo.
Ha motho e mong a tla tshwara moo o fumana kokwana‑hloko.
Ha motho eo a tshwara mahlo, nko, molomo kapa ditsebe pele a ka hlapa matsoho, o fumana kokwana-hloko mme e kena mmeleng wa hae.
E nngwe tsela e tlwaelehileng ya kamano e sa lebaneng, e etsahala ha batho ba sebedisa dintho mmoho, marothodi a maro a mmele a sala ho dintho tse kopanelwang le tse yang molomong.
Jwale kamano e sa lebaneng e etsahala ha batho ba sebedisa dijana mmoho, mabotlolo a metsi, dino, dijo jwalo jwalo, mme kokwana-hloko e fetella ho motho e mong.
Moyeng
Kokwana-hloko e tsamaya moyeng ho tloha ho motho e mong ho isa ho e mong.
Mohlala, kokwana-hloko e lokollelwa moyeng ha moamohedi a kgohlola kapa a ithimula. Marothodi a ma nnyane a tswang ho kgohloleng le ho ithimuleng a ka tsamaya mme a jale kokwana-hloko e tla fihla e dule ho dintho kapa ho motho e mong.
Batho ha ngata ba kuta moriri kapa ba ala matlalo, tsena le tsona di ka ba le kokwana-hloko e ka tsamayang moyeng ya tshwaetsa batho ba bang.
Sa bohlokwa seo re tshwanelang ho se tseba ke hore motho eo e leng moamohedi ho ka etsahala hore ha a tsebe. Mohlala motho a ka ba le kokwana-hloko mmeleng wa hae empa a sena matshwao a ho kula. Ka nako enngwe a ke se kule, empa motho e mong ya amanang le yena a ka thonaka kokwana-hloko mme a kule.
Ho Jaleha ha Baktheria le Kokwana-hloko
Kokwana-hloko
Kokwana-hloko ke baktheria e ka bakang tshwaetso kapa ho kula.
Moamohedi
Dikokwana-hloko di phela di seleng tsa motho kapa diphoofolo.
Ho tswa
Dikokwana-hloko di tloha ho moamohedi ka mahlo, nko, molomo, ditsebe, maqeba a bulehileng, mosese jwalo jwalo.
Phetiso (ho hasa)
Kokwana-hloko e hasangwa ka tsela e lebaneng le e sa lebaneng kapa ka moya.
Phetiso (ho hasa)
Kokwana-hloko e hasangwa ka tsela e lebaneng le e sa lebaneng kapa ka moya.
Ho kena
Kokwana-hloko di tshwaetsa moamohedi e motjha ka mahlo, nko, molomo, ditsebe, maqeba a bulehileng jwalo jwalo.
Moamohedi e motjha
Moamohedi e motjha a ka nna a kula kapa a fetisetsa kokwana-hloko ho ba bang.
Ka baka la hore kokwana-hloko ena le tsela e bonolo ya ho fetella ka ho tloha ho motho e mong ho ya ho e mong, ho bohlokwa ho tlosa motho ya kulang kapa ya tshwaeditsweng ho sireletsa ba bang-ba lelapa, metswalle, banka le batho ba motse. Ho itlosa bathong ho bolela ho bewa o le mong hore o se fetisetse kokwana-hloko ho ba bang.
Ha e mong lapeng leno a kula ka lefu le tshwaetsang (kapa le belaella hore a ka ba le lefu le tshwaetsang ho ya ka matshwao a bonwang) etsang sena ka potlako:
- Bolokang batho bohle ka lapeng.
- Ho se be le a yang mosebetsing kapa sekolong. Sebeletsang hae mme le ithutele hae.
- Ikamanyeng le ngaka ya lona ho lefa maele. Letsetsang pele le ka ya kliniking, ngakeng kapa sepetlele. Ho ka ba molemo ho dula hae ho sireletsa ba bang hore ba se tshwaetswe, ntle le hore lefu le tlile ka matla.
- Ela hloko: Ha motho matshwao a hae a tla ka matla jwale ka ho fellwa ke moya, feberu e hodimo jwalo jwalo, batlang thuso ya ngaka hang hang.
- Tlosang motho ya kulang ho batho ba bang. Etsang ka botlalo hore batho ba baholo le ba fokolang hore ba tloswe ho motho ya kulang.
- Motho ya kulang a se kopane le diphoofolo tsa hae le diphoofolo tse ding.
- Ha motho ya kulang a ka tshwara diphoofolo tsa hae kokwana-hloko e tla salla boyeng mme kokwana-hloko e ka fetisetswa ho ba bang ba ka tshwarang ts eo.
- Motho ya kulang a dudiswe ka kamoreng e arohaneng le tse ding a le mong ho fihlela a fodile a sena ho ka fetisetsa lefu ho ba bang.
- Botsa ho ngaka ya hao hore ke nako efe e tshwanetseng ya hore motho ya neng a kula a ka boela mosebetsing kapa ho kopana le batho ba bang.
- Etsa ka hohle hore ho latelwe tsela ya tsa bophelo le ho sanithaeza ka hoya ka moo ho beilweng ka teng bukaneng ena.
Ho Hlwekisa le ho Sanithaeza
Ho hlwekisa le ho sanithaeza khafetsa ho a hlokahala ka lapeng ha ho na le motho ya kulang ka lefu le tshwaetsang.
Ho hlwekisa ho bolela ho tlosa ditshila hohle. Ho hlwekisa ho le hong ha ho tlose kokwana-hloko.
Ho sanithaeza ho bolela ho sebedisa dikhemikhale tsa ho bolaya dikokwana-hloko hohle. Ho sanithaeza ha ho hlwekisi empa ho bolaya kokwana-hloko ka mora ho hlwekiswa, ebile ho ka nyenyefatsa matla a ho jaleha ha tshwaetso.
Dihlahiswa Tse ka Sebediswang ho Sanithaeza
Ha motho ka lapeng leno a kula mme a tlositswe bathong, eketsang dinako tsa ho hlwekisa le ho sanithaeza, haholo hlwekisang kgafetsa ditulo tse tshwarwang jwaleka ditafole, menyako, moo ho kgantshwang mabone, dihentlele, deseke, difoune, dintlwana, dipompo le disinki.
- Ho hlwekisa korolo ya sebaka, sebedisa sebolaya dikokwana-hloko se amohehileng, jwalo ka haeterojene peroksaete. Sebedisa motswako o pakeng tsa 3% (boemo bo amohelehileng ba sesebediswa sa lelapa) le 7.9%.
- Sebolaya dikokwana-hloko se seng se sebetsang hantle ke alkohol ya
mabele—le mokedikedi wa oporeishene. Sebedisa dihlahiswa tsa alkohol tse nang le bonyane 70%. Se sebedise dihlahiswa tse nang le alkohol e fetang 90%, hobane e tla moyafala pele e bolaya vaerase. - O ka sebedisa setshweufatso le motswako wa metsi wa 1/12 ya senwelo (kgabana tse 4) tsa setshweufatso ka boholo ba khoto e 1 (dimilimitara tse 20 tsa setshweufatso ho litara e 1 ya metsi a phodileng). Ha o hlophisa motswako wa setshweufatso, etsa bonnete ba hore o lekola letsatsi la pheletso le hlahellang botlolong le ho etsa bonnete ba hore nako e nepahetseng ya ho se sebedisa ha e so fete.
- Ela Hloko: O se tswake setshweufatso le le mofuta ofe kapa ofe wa motswako o hlwekisang, kapa mokedikedi ntle le metsi.
- Bala ka nako tsohle le ho latela ditaelo tsa mohlahisi hore o sebedise sehlahiswa sa sebolaya dikokwana-hloko jwang, le nako eo se lokelang ho tlohellwa moo se sebedisitsweng teng.
Kamore ya Motho a Itlositseng Bathong
Haeba o tshwanetse ho teana le motho ya kulang, ho ya ka dilemo tsa mokudi kapa bofokodi:
- Apara maske le diatlana tse lahlwang pele o kena kamoreng ya mokudi.
- Etsa ka botlalo hore mokudi le yena o apara maske pele o kena ka kamoreng ya hae.
- Tlosa mme o lahle maske le diatlana ka tonkaneng ya dithwele ha o tswa ka kamoreng ya mokodi.
- Hlatswa matsoho a hao ka ho phethahala.
Kamore ya ho Hlapela
Motho ya kulang ya tlositsweng bathong, o tshwanela ho sebedisa kamore ya ho hlapela e sa sebedisweng ke batho ba bang.
Ha kamore ya ho hlapela ya bobedi e le siyo:
- Sanithaeza kamore ya ho hlapela e teng ka botlalo ka mora hore e sebetse, o latela tataiso ya ho hlwekisa le ho sanithaeza e filweng bukaneng ena.
- Sebedisa diatlana tse lahlwang le maske ha e le teng ha o hlwekisa le ho sanithaeza kamore ya ho hlapela.
- Ha o qetile ha sanithaeza, lahla diatlana.
- Hlatswa matsoho a hao ka botlalo.
Dijana le Tsa ho Jela
Motho ya tlositsweng bathong o tshwanela ho sebedisa dijana le tsa ho jela tse lahlwang.
Ha dijana le tsa ho jela tse lahlwang di le siyo, hlatswa mme o sanithaeza dijana motjhining o hlatswang dijana o nang le ho tsokotsa wa motjheso o mo ka ka 150° F (65° C).
Ha motjhini o hlatswang dijana o le siyo sanithaeza dijana ka botlalo ka ho etsa ho latelang:
- Sebedisa diatlana tse lahlwang (le maske ha ona le yona) ho nka dijana tse sebedisitsweng ho di isa sinking e senang letho. Dula ka diatlana.
- Hlatswa mme o tsokotse, digalase le tse jelang ka botlalo.
- Ntsha diatlana mme o di lahle. Hlatswa matsoho a hao ka botlalo mme o kenye diatlana tse ntjha.
- Kolobisa dijana tse hlwekileng ka metsotso e mmedi motswakong wa dikgaba tse 2 tsa sesweufatso (bleach) ho (10 ml ya 4 liters ya metsi).
- Ntsha metsi mme o di omise moyeng.
- Ntsha diatlana mme o di lahle.
- Hlatswa matsoho a hao ka botlalo.
Matlakala
- Behela thoko tonkana ya matlakala e nang le mola e tla dula ka kamoreng ya mokudi.
- Sebedisa diatlana tse lahlwang (le maske ha o le teng) ha o tlosa dipolastiki tsa matlakala mme o lahle matlakala tsa mokudi.
- Beha polastiki ya matlakala e fasitsweng pela moo matlakala a nkuwang teng kantle.
- Ntsha diatlana mme o di lahle.
- Hlatswa matsoho a hao ka botlalo.
Diaparo
Sebedisa diatlana ka nako tsohle (le maske ha o le teng) ha o tshwara diaparo tsa mokudi ya nang le lefu le tshwaetsang tse ditshila.
- O se kopanye diaparo tsa mokudi le tsa batho ba bang. Sebedisa mokotlana o lahlwang kapa mokotla o ka hlatsuwang le diaparo tsa mokudi.
- Temoso: O se hlohlore diaparo hobane dikokwana-hloko di ka ya le moya!
- Hlatswa diaparo ho ya ka moo ditaelo tsa motjhini di laelang ka teng, o sebedisa motjheso o feteletseng. Ha motjheso o le hodimo ho ka etsahala o bolaye kokwana-hloko le baktheria.
- Temoso: O se tlatse motjhini ka diaparo tsa mokudi le terata ya ho aneha. Siya sebaka sa metsi hore a hlatswisise tshila le dikokwana-hloko.
- Ha o se o qetile ho kenya diaparo tsa mokudi ka motjhining wa ho hlatswa, ntsha, mme o lahle diatlana tse lahlwang.
- Hlatswa matsoho a hao ka botlalo.
- Qala sekele ya ho hlatswa. Hang ha metsi a tsholohela ka motjhining, tshela ½ ya kopi ho kopi (120 ho 240 ml) ya haeterojene peroksaete ka motjhining.
- Temoso: O se tshele haeterojene peroksaete diaparong tse mmala e tla disweufatsa.
- Aneha diaparo moo ho futhumetseng teng ka ho ya ka moo ho boletsweng kateng bukaneng ena.
- Sanithaeza motjhini wa ho hlatswa ho isa kamoo moetsi a boletseng ka teng.
- Pele o ka beha polastiki ya matlakala, hlwekisa mme o bolaye kokwana-hloko ka ho sanithaeza diaparo tsa mokudi ho ya ka moo bukana ena e bolelang ka teng.
Ka ho latela tataiso le tlhokomediso ya bukana ena, o ka thusa ho fokotsa ho jaleha ha mafu.
moyeng: e nkiwa ke moya kapa e tsamaya moyeng.
baktheria: ke sebopua se senyane se nang le sele e ka bonwang feela ka maekroskopo. Baktheria e phela hohle ka hare le ho mmele wa motho, e nngwe ke baktheria e seng kotsi jwalo ka e thusang tshilo ya dijo, e nngwe ke e kotsi jwalo ka e bodisang meno kapa e tlisang mafu.
setshweufatso (bleach): setshweufatsa ke khemikhale e bohale ya ho hlwekisa le ho bolaya baktheria le kokwana-hloko e sa lokang.
maro a mmele: maro a mmele ke mokedikedi o tswang mmeleng jwalo ka mathe, mosese, mamina le madi.
tshwaetsang: ho tshwaetsa ke ho fetisetsa ho batho ba bang haholo ka kamano ya mmele kapa ka moya.
sebolaya dikokwana-hloko: se bolaya kokwana-hloko le baktheria le dibopua tse ding tse bonwang ka maekroskopo.
marothodi: marothodi a mannyane a tswang ho mokedikedi o tswang ha motho a kgohlola, a ithimula, a bua jwalo jwalo, a nang le mathe, mamina le mohlomong, mafu a tshwaetsang a nang le baktheria le kokwana-hloko.
alkohol ya mabele: ke mofuta wa alkohol e entsweng ka mabele a bedisitsweng. Ke mokedikedi o senang mmala mme monko wa teng o bohale o thusa dinthong tse ngata jwaleka ho bolaya baktheria le kokwana-hloko.
moamohedi: moamohedi ke seo dibopua tse ding di phelang ho sona, ekaba mmeleng ka hare kapa kantle.
haeterojene peroksaete: ena ke khemikhale e metsi e sebediswang ho bolaya mafu a hlahisang dibopua tse bonwang ka maekroskopo hape ke setshweufatso se hlakisang mmala kapa ho tlosa mmala wa diaparo tse seng tshweu.
e sa pheleng: sena se bolela ntho e senang bophelo, e senang mafolofolo, e sa pheleng.
tshwaetso: tshwaetso ya mafu a bakwang ke kokwana-hloko le baktheria.
bofokodi: boemo ba ho fokola bo bakwang ke ho hloka matla.
ho tlosa: ho itlosa bathong ka botlalo ka baka la lefu le sa tshwanelang ho fetela bathong ba ba bang.
ho tloswa bathong: ketso ya ho itlosa bathong ka botlalo ka baka la ho thibela lefu hore le se fetelle ho batho ba bang.
mmaselese: maselese ke lefu le tshwaetsang, haholo le hlaha ho bana ka matshwao a motjheso o hodimo le lekgopo le le kgubedu le nang le matheba a mannyane a tlalang mmele kaofela.
tlhokomediso: tlhokomediso e sebedisetswa ho sireletsa batho ho mafu a ka hlahang, kapa bothata.
sanithaeza: ke ketso ya ho hlwekisa ka bohlweki bo tla tlosa dobopua tse nyane tse bonwang ka makroskopo tse ka hlahisang mafu.
motswako: ke motswako o kopantshitseng dintho tse ngata jwaleka moro o tiileng o tswakwa le metsi kapa mokedikedi.
mmetso: mmetso o bakwang ke baktheria e bitswang streptococcus. Hona ho etsa hore motho a tshwarwe ke mmetso, feberu le ho fokola.
fokolang: fokolang ke ho bontsha ka moo mafu a ka ho tshwaetsang ha bonolo ka baka la bofokodi.
matshwao: matshwao ke phetoho mmeleng e bontshang hore motho o tshwerwe ke lefu.
jaleho: jaleho ke ha motho a fetisa kokwana-hloko, ho kula kapa lefu ho tloha mothong e mong ho ya ho emong.
ikatisa: ho baka kokwana-hloko, ho kula kapa lefu ho fetella ho batho ba bang.
sistimi ya tsamaiso ya mosese (moroto): ke tsamaiso ya ditho tsa mmele tse tsamaisang ho etsa, le ho boloka mosese (moroto).
kokwana-hloko: ke kokwana-hloko e leng sesosa sa mafu a tshwaetsang a mmele, kokwana tsena di nyane hoo di kekeng tsa bonwa ka mahlo empa di ka bonwa ka maekroskopo. Dikokwana-hloko di ka tshwaetsa batho ka sefuba se tlwaelehileng kapa ka mafu a tebileng.
Kopolla mme o hatise matshwao ao ho a sebidisa hae kapa mosebetsi e ya hlokahala.
Tsela e sebetsang ya ho thibela ho jaleha ha mafu le tshwaetso, ke ho sebedisa karohano ka sebaka ka boomo.
Ka baka la bophelo le tshireletso ya bohle, ka kopo tlohelang ho amana le ba bang ka nako ena, jwaleka.
Ho hlatswa matsoho ke enngwe ya dintho tse bohlokwa tsa tsela ya ho thibela ho jaleha ha dikokwana-hloko.
Sanethaeza e sebediswa ho kopanela le tsa ho hlatswa matsoho tse ding, kapa moo ho senang metsi teng le sesepa, moo o ke keng wa di fumana ka bo haufi.